Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/00 leq. 8
  • Kōpa Thuso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kōpa Thuso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baholo ba Thusa Phutheho Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • ‘Bitsa Baholo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • “Lisang Mohlape oa Molimo o Tlhokomelong ea Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Hlophisitsoe Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 3/00 leq. 8

Kōpa Thuso

1 Mantsoe ana a bululetsoeng, “ho leng thata ho sebetsana le,” a hlalosa hantle mehla ea rōna e mahlonoko. (2 Tim. 3:1) Joale, u ka etsa’ng ha u thulana le liphephetso tse thata tsa moea tseo u ikutloang u sa itlhomella hantle hore u ka tobana le tsona?

2 Na u ikemiselitse ho bua le setho sa phutheho se hōlileng moeeng? Ba bang ba ka ’na ba tsilatsila ho etsa joalo ka lebaka la ho hlajoa ke lihlong, ba sa batle ho iketsa moroalo ho ba bang, kapa ba sa tšepe hore motho e mong a ka hla a thusa. Ke ’nete hore re lokela ho loanela ho hlokomela boikarabelo ba rōna ka hohle kamoo re ka khonang, empa kamehla re lokela ho ikutloa re lokolohile ho batla thuso litabeng tse amang bophelo ba rōna ba moea.—Bagal. 6:2, 5.

3 Moo U ka Qalang Teng: U ka ’na ua rata ho atamela mokhanni oa thuto ea hao ea buka ’me u mo kōpe hore na u ka sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo. Sena se tla u fa monyetla oa hore u mo bolelle hore u lakatsa ho hōla moeeng. Haeba e le mohlanka ea sebeletsang, mo tsebise hore u hloka thuso ea moea ’me eena o tla kōpa baholo hore ba u thuse. Kapa u ka atamela leha e le ofe oa baholo ka litaba tseo u amehileng ka tsona.

4 U hloka thuso ea mofuta ofe? Na ho na le ntho e fokolitseng cheseho ea hao? Na u motsoali ea se nang molekane ea lekang ho boloka bana ba hao ba le haufi le phutheho? Na u motho ea hōlileng lilemong ea hlokang thuso? Kapa na ho na le bothata bo u nyahamisang? Ho sebetsana le mehla ea rōna e mahlonoko ho ka ’na ha e-ba boima—empa ho ka etsoa. Thuso e teng.

5 Kamoo Banna ba Hōlileng ba Thusang Kateng: Baholo ba tsotella e le kannete. Ba tla mamela seo u amehileng ka sona. Haeba bahoeletsi ba bang ba tobana le mathata a tšoanang, baholo ba tla nahanela sena ha ba ntse ba alosa le ho ruta phutheho. Joaloka “mehlala ho mohlape,” ba lula e le malala-a-laotsoe ho sebetsa le uena ka thabo. (1 Pet. 5:3) Ho mamela bara bana beno ba nang le phihlelo ha ba beha mabaka ka melao-motheo ea Bibele ho ka ntlafatsa tšebeletso ea hao le ho u thusa bophelong ba hao.—2 Tim. 3:16, 17.

6 Jesu o re file ‘limpho tse ngata tseo ho nang le banna ho tsona.’ (Baef. 4:8, NW, ftn.) Sena se bolela hore u ka sebelisa baholo. Ba teng hore ba ka u thusa. Ha e le hantle ‘ke ba hao.’ (1 Bakor. 3:21-23) Kahoo ho e-na le hore u ikhule, ntša maikutlo a hao ka bolokolohi. Kōpa thuso eo u e hlokang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela