Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
Rea tseba hore Jehova Molimo o tšoaneloa ke lerato la rōna le boinehelo ba rōna re sa itšiele letho. Leha ho le joalo, lefatše le batla ho re hōka hore re furalle ho boloka kamano ea rōna e haufi-ufi le eena. (Joh. 17:14) E le hore re ka boela ra tiisa lerato la rōna ho Jehova le ho re matlafalletsa ho hanela lintho tsa lefatše tse behang bomoea ba rōna kotsing, lenaneo le lecha la kopano ea potoloho bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2001 le tla ba le sehlooho se reng “Ho Rata Molimo—Eseng Lintho tsa Lefatše.”—1 Joh. 2:15-17.
Ho rata Jehova ka ho tebileng ho re susumelletsa ho mo pakela. Leha ho le joalo, tšebeletso ea tšimo ha e bonolo ho batho ba Molimo ba bangata. Puong e reng “Lerato la Molimo Lea re Susumetsa Tšebeletsong ea Rōna,” ithute kamoo ba bangata ba hlōtseng ho ba lihlong le likhatello tse ling kateng e le hore ba kopanele ka botlalo mosebetsing ona.
Litekanyetso tse ntseng li theoha tsa lefatše li re ama joang? Liketso tse kileng tsa nkoa e le tse khopo hona joale ho thoe ke boitšoaro bo tloaelehileng. Puo e reng “Ba Ratang Jehova Ba Hloea se Sebe” le neheletsano e reng “Lintho Tse Lefatšeng—Re li Talima Joang?” e tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho hanela litakatso tsa lefatše.
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa mohlala le Seboka sa Tšebeletso li tla kopanyelletsoa lenaneong lena, hammoho le kakaretso ea Thuto ea Molula-Qhooa ea beke eo. Puo ea phatlalatsa, e reng “Kamoo Lerato le Tumelo li Hlōlang Lefatše Kateng,” e tla re khothalletsa ho etsisa Jesu mabapi le ho hanela likhatello tsa lefatše. (Joh. 16:33) Etsa bonnete ba hore u mema liithuti tsa hao tsa Bibele hore li be teng. Mang le mang ea lakatsang ho kolobetsoa o lokela ho bolella molebeli ea okamelang kapele kamoo ho ka khonehang e le hore ho ka etsoa litokisetso tse hlokahalang.
Kopano ena ea potoloho, e tla lebisa tlhokomelo ea rōna ka ho toba moo lerato la rōna le lokelang ho ba teng e le hore re ka thabela mahlohonolo a enneng a Jehova. Ho hang u se ke ua fetoa!