Batsoali—Fetisetsang Mekhoa e Metle Baneng ba Lōna
1 Mekhoa e metle ha e futsoe, leha e le hore e fumanoa ka tsietsi. Ho feta moo, ho fetisetsa mekhoa e metle baneng ho hloka nako. “Ho fetisetsa” ho bolela “ho kenya ntho butle-butle” kapa “ho etsa hore ntho e kene ka ho rothela.” Ho hlokahala hore batsoali ba se ke ba khaotsa e le hore ba tle ba ‘tsoele pele ho hōlisa [bana ba bona] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’—Baef. 6:4.
2 Qala Boseeng: Bokhoni ba bana ba banyenyane haholo ba ho ithuta le ho etsa lintho tse ncha boa tsoteha. Le hoja hangata batho ba baholo ba fumana ho le thata ho ithuta puo e ncha, bana ba e-song ho kene sekolo ba ka ithuta lipuo tse peli kapa tse tharo ka nako e le ’ngoe. Le ka mohla u se ke ua ba le maikutlo a hore ngoana oa hao o sa le monyenyane haholo hore a ka hlaolela mekhoa e metle. Haeba thuto ’neteng ea Bibele e qalelloa ’me e tsoela pele, ha ngoana a sa le lilemong tse tlaase haholo, kelello ea hae e tla be e tlatsitsoe ka tsebo e tla mo “hlalefisetsa poloko.”—2 Tim. 3:15.
3 Etsa Hore Tšebeletso ea Tšimo e be Tloaelo: Tloaelo e ntle e lokelang ho fetisetsoa ngoaneng lilemong tsa hae tsa khōlo ke ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo kamehla. Batsoali ba bangata ba qala sena ka ho tsamaea le bana ba bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo ha bana e sa ntse e le masea. Ha batsoali ba e-ba teng kamehla mosebetsing oa ho paka, ho thusa bana ba bona hore ba hōlise kananelo le cheseho tšebeletsong. Batsoali ba ka bontša bana kamoo ba ka kopanelang ho faneng ka bopaki kateng tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea tšimo.
4 Ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le hona ho thusa bana. Ho ba ruta mekhoa e metle ea ho ithuta le mokhoa oa ho bala ka kutloisiso. Ba ithuta ho qoqa ka Bibele, ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele. Koetliso e joalo e ka ba susumelletsa ho bula maliboho le ho hahamalla litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso. Basebeletsi ba bangata ba Bethele le baromuoa ba hopola ka thabo matsatsi a ha ba sa qala sekolong sa tšebeletso ’me ba se talima e le tokisetso e ba thusitseng ho hlaolela mekhoa e metle.
5 Kaofela re tšoana le letsopa matsohong a Sebōpi se Seholo, Jehova. (Esa. 64:8) Ha letsopa le sa tsoa rafshoa, ho bonolo haholoanyane ho le khoba. Ha le oma nako e telele, le ba thata haholoanyane. Ho joalo le ka batho. Ha ba sa le banyenyane, ho bonolo haholoanyane ho ba fetola sebōpeho—’me ha ngoana a sa le monyenyane liphello li ba molemo haholoanyane. Lilemo tsa bona tsa bonyenyane ke tsa khōlo, e leng lilemo tseo ba ka etsoang batho ba molemo kapa ba babe. Joaloka motsoali ea tsotellang, qalella ho fetisetsa mekhoa e metle baneng ba hao tšebeletsong ea Bokreste.