Li Lokiselitsoe “ka Mokhoa o Hlomphehang le ka Tlhophiso”
1 E le hore kopano ea setereke e atlehe, batho ba lokela ho kopanya matsoho ka litsela tse ngata. Lefapha la kopano la tsamaiso le lokisetsa sebaka se loketseng sa ho bokana hammoho le likamore tsa ho robala. Batho ka bomong le malapa ba itokiselletsa lipalangoang le marobalo. Liphutheho li kopanya matsoho ho ithaopeleng ho sebetsa mafapheng a mangata a hlokahalang kopanong. Pakane ke hore ‘lintho tsohle li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’—1 Bakor. 14:40.
2 Ha le kopanya matsoho le ba etsang litokisetso tsa kopano, hopolang hore ho hlokahala hore e lokisetsoe nako e etsang likhoeli—ka linako tse ling lilemo. Barab’abo rōna ba makholo ba nka nako e ngata ba lokisa. Sena se akarelletsa ho hira mehaho, ho bokella thepa le ho batla basebetsi. Litokisetso tsena tse etsoang esale pele li fella ka litlhohonolofatso tsa moea ho bohle. Re ka etsa eng ho thusa?
3 Iphaphathe le Litokisetso Tsa Lefapha la Marobalo: Ke habohlokoa hore kaofela ha rōna re sebelisane le litokisetso tsa kopano. Sena se hlokahala ka ho khetheha ha re lokisetsa moo re tla robala teng. Ho hlokahala libaka tsa ho robala bakeng sa baeti ba makholo kopanong ka ’ngoe. Barab’abo rōna ba bangata ba na le chelete e fokolang ’me ba tšepetse libakeng tsa ho robala tse bitsang chelete e tlaase. Ho lekiloe ka matla hore ho lokisetsoe libaka tsa ho robala tse khotsofatsang. Re lokela hore ka lerato re nahane ka seo ba bang ba se hlokang ’me re ‘se ke ra hlokomela lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’—Bafil. 2:4.
4 Ha re tšehetsa ka botšepehi lintlha tse tataisang tsa kopano bakeng sa ho fumana likamore, sena se fella ka melemo ho bohle ba amehang. Ho hlokomoloha lintlha tsena tse tataisang ho baka mathata a sa hlokahaleng. Joang? Ha re sebetsa tumellanong le litlhahiso tsena, baokameli ba lihotele kapa bahlokomeli ba lihostele ba tseba esale pele hore ba tla ba le baeti ba bakae. Sena se ba thusa ho etsa litokisetso. Haeba ba bangata ho rōna ba bolela hore ha ba sa tla sebelisa likamore tseo ba li boloketsoeng kapa ba etsa litokisetso tse ling, sena se bakela baokameli mathata, hammoho le bara le barali babo rōna ba neng ba ka rata ho robala sebakeng sona seo. Ho molemo hakaakang ha re ka phelela lentsoe la rōna, ra etsa hore lentsoe la rōna “E le mpe le bolele E”!—Mat. 5:37.
5 Nahana ka Liphello Tsena Tse Molemo: Ka mor’a kopano e ’ngoe, mookameli oa sebaka sa litente le lik’haravene o ile a re: “Ke hlokometse hore Lipaki tsa Jehova li tšepahala haholo ho sohle seo li se etsang. Bekeng e fetileng ke bile le tse 40 sebakeng sa ka sa litente le lik’haravene, ’me ho hang ha lia ka tsa baka mathata. Ho fapana le seo, ke tsona feela tse bolelang haeba li se li eketsehile ka motho e mong hape k’haraveneng ea tsona kapa tenteng. Ke na le maikutlo a hore ke batho ba molemo ka ho fetisisa bao u ka ba sebeletsang khoebong.” E ne e tla ba ho hlollang hakaakang haeba bohle ba re hirisetsang libaka tsa ho robala ba ne ba ka ba le phihlelo e molemo joalo! Seo e ne e tla ba bopaki bo botle hakaakang!
6 Ea okametseng lihotele tsa mofuta o le mong tse libakeng tse sa tšoaneng o kile a re: “Ha ke hopole nkile ka ba le sehlopha se seholo hakana se bontšitseng ka mohlala o tsotehang hore se lumela eng joaloka Lipaki tsa Jehova. Re tšepa hore le tla khutla.” Polelo ena e bontša hore boitšoaro bo botle ha bo khatholle rōna feela empa bo khatholla le ba bangata lefatšeng ba re hlokomelang.
7 Litsela Tse ka Sehloohong Tseo ka Tsona re ka Iphaphathang le Litokisetso: Ho na le lintho tse bonolo tseo re ka li etsang ho iphaphatha le litokisetso tsa kopano tsa marobalo. (1) U se ke ua kōpa ho bolokeloa likamore tse ngata ho feta tseo u rerang ho li sebelisa. (2) Romela chelete ea ho beheletsa kamore ea hao. (3) U se ke ua sebelisa hampe tokisetso ea lijo tsa hoseng tse sa lefelloeng tse ka ’nang tsa fuoa baeti. (4) Hopola hore ke ka nepo beng ba sebaka seo ba lebeletseng hore re boloke melao ea bona.
8 Kaha re bahlanka ba Jehova Molimo, re na le monyetla oa ho etsisa litšobotsi tsa hae ho sohle seo re se etsang. Sena se akarelletsa ho lokisetsa ho ba teng likopanong moo ho amehang lebitso la Molimo. Hopola hore “hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” (1 Bakor. 14:33) Kahoo, a re ikemisetseng hore bohle ba re shebeletseng ba lemohe tšobotsi ena ea Jehova ho seo ba se bonang ho rōna—boitšoarong ba rōna le ponahalong ea rōna ha re lokisetsa ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo.” E se eka ba lipelo li tšepahalang ba re hlokomelang ba ka elelloa hore matšoele a Jehova a bokaneng a hlophisehile “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—Pes. 68:26.