Na U ka Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane?
1 Na u se u kile ua nahanisisa ka ho fallela moo ho nang le tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso ba eketsehileng? Haeba u mengoa hore u ‘tšelele koano ’me u thuse,’ na u ne u tla arabela joaloka moapostola Pauluse? (Lik. 16:9, 10) Liphuthehong tse ngata ho hlokahala malapa a hōlileng moeeng, bo-pula-maliboho hore ba e’o thusa ho koahela tšimo kapa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ho ea thusa ho etella pele. Tšimo e ka ’na ea akarelletsa litorotsoana tse qaqolohaneng libakeng tse khōlō tsa mahaeng. Holo ea ’Muso e haufinyane e ka ’na ea e-ba hōle haholo. Mesebetsi ea boipheliso e ka ’na ea e-ba sieo. Boemo ba leholimo bo ka ’na ba se be botle kamehla. Na u ka rata ho amohela phephetso e joalo? U ka khona ho atleha joang?
2 Tumelo le Tšepo Lia Hlokahala: Ka tataiso ea Molimo, Abrame o ile a tloha motseng oa ha habo oa Ure ’me a tsamaea lik’hilomithara tse 1 000 ho ea Harane a e-na le mosali oa hae, ngoana oa ngoan’abo le ntat’ae ea hōlileng, Tera. (Gen. 11:31, 32; Neh. 9:7) Ka mor’a hore Tera a shoe, Jehova o ile a laela Abrame, eo joale a neng a le lilemo li 75, hore a tlohe Harane le ho beng ka eena ’me a lebe naheng eo Molimo a neng a tla mo bontša eona. Abrame, Sarai le Lota ba ile ‘ba tsamaea.’ (Gen. 12:1, 4, 5) Ke ’nete hore Abrame ha aa ka a falla e le hore a ka ea sebeletsa moo ho hlokoang basebeletsi haholo. Empa ho falla ha hae ho ne ho hloka ho hong. Eng?
3 Ho ne ho hloka tumelo le ho ba le tšepo hore Abrame a nke leeto le joalo. Monahano oa hae le tsela eo a phelang ka eona li ne li lokela ho fetoha. O ile a tlameha ho siea tšireletso ea beng ka eena. Empa o ne a tšepile hore Jehova o tla mo hlokomela hammoho le ba ntlo ea hae. Ba bangata kajeno ba bonahalitse ho tšepa ha bona Jehova ka litsela tse tšoanang.
4 Likabelo Tsa Nakoana: Na u se u kile ua thabela litlhohonolofatso tse enneng tse tlisoang ke ho sebetsa tšimo e sa abuoang? Selemo se seng le se seng ka khoeli ea August, September le October, bahoeletsi ba likete ba thabela litlhohonolofatso tsa ho sebetsa tšimo e sa abuoang. Le selemong sena ho tla ’ne ho be joalo! Phutuho ea tšimo e sa abuoang e fana ka monyetla oa hore ba bang e be bo-pula-maliboho ba thusang khoeli kapa ho feta. Ho na le litorotsoana tse ngata le metsana e mengata eo, ka lebaka la ho ba hōle le liphutheho, li e-song ho ka li fumana bopaki ka lilemo tse ngata. Tsena ke likabelo tse ntle bakeng sa bahoeletsi ba tlohetseng mosebetsi le ba ka khonang ho lula litorotsoaneng tsena khoeli kapa ho feta. Ka tsela ena ho ka finyelloa ho hongata. Re khothalletsa ba ka khonang ho etsa joalo hore ka kōpo ba nahane ka monyetla ona.
5 Ho ba bang, sena se ile sa bolela ho tsamaea sebaka se selelele. Na boiteko boo bo ne bo loketse? Rapolasi e mong Western Cape, ha a fumana hore na re etsa’ng, o ile a etsa litokisetso tsa hore basebetsi bohle ba polasing ba khaotse mosebetsi hora pele ho nako ea ho chaisa. Eaba ba bokana molikong oa polasi eo moo e mong oa barab’abo rōna a ileng a fana ka bopaki bo batsi. Basebetsi ba ne ba sa khone ho ntša monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle empa ba ile ba ithaopela ho hlatsoa likoloi tsa barab’abo rōna tse neng li le lerōle hore ba fumane lingoliloeng. Rapolasi e mong Mpumalanga o ne a ananela molaetsa oa rōna ’me a amohela lingoliloeng. Leha ho le joalo, basebetsi ba ne ba phathahane masimong, kahoo bahoeletsi ba ne ba sa khone ho bua le bona. O ile a bolela hore haeba bahoeletsi ba ka khutla ka hora ea pele thapama o ne a tla lokisetsa hore kaofela ba be teng. O ile a phelela lentsoe la hae ’me basebetsi bohle ba ile ba bokana. Karolo ea 75 lekholong ea liphutheho e ile ea kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang selemong se fetileng. Boholo ba bahoeletsi boa lumela hore ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane le ka nako e khutšoanyane feela ho tebisitse kananelo ea bona tšebeletsong. Bua le ba kileng ba ho etsa. U tla fumana hore ba ile ba hlasimoloha moeeng ’me ba ne ba ka ho etsa hape haeba ba fuoa monyetla o joalo.
6 Ho amohela kabelo ea nakoana ea ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane ho ka sebeletsa morero o mong hape. Ba etsang joalo ba ka fumana boitsebiso bo molemo bo ka ba thusang hore ba “bale litšenyehelo” tsa ho fallela karolong e ’ngoe ea naha.—Luka 14:28.
7 Ho Fallela Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane: Jehova o ikemiselitse hore litaba tse molemo li boleloe “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” pele bofelo bo e-tla. (Mat. 24:14) Ha u tseba sena, ’me u khona, na u ka ikemisetsa ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane? Ho na le tlhokahalo libakeng tse ngata.
8 Na u tlohetse mosebetsi? Na ho na le chelete e tsitsitseng eo u e amohelang? Haeba ha ho joalo, na u ka etsa tokisetso ea ho itšebetsa? Na u ka khona ho iphelisa u le sebakeng leha e le sefe ka thelefono kapa ka k’homphieutha? Haeba u ke ke ua fallela sebakeng se seng, na u ka thusa setho se seng sa lelapa ho ea sebeletsa kae-kae?
9 Haeba ka mor’a ho nahanisisa ka thapelo u ikutloa hore u ka amohela phephetso ena ea ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane, tšohla taba ena le lelapa la hao le baholo ba phutheho ea heno. Joale, ngola lengolo ebe u le fa baholo e le hore ba ka kenyelletsa maikutlo a bona le lipuello pele le romeloa ofising ea lekala.
10 U lokela ho kenyelletsa eng lengolong la hao? Lilemo tsa hao, letsatsi la kolobetso, boikarabelo ka phuthehong, hore na u lenyalong kapa che le hore na u na le bana ba banyenyane kapa che. Bolela libaka tseo u ratang ho ea sebeletsa ho tsona, ho latela seo uena u se batlang. Ka mohlala, na u bua puo leha e le efe e ’ngoe.
11 Na u na le cheseho le ho ikhanna? Na maemo a hao a u lumella ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane? Haeba ho joalo, hlokomela kamoo Jehova a tsoelang pele ho tšollela litlhohonolofatso tse enneng kateng holim’a ba mo tšepang ha ba bonahatsa moea oa boitelo!—Pes. 34:8; Mal. 3:10.