Lebokose la Lipotso
◼ Ke boitsebiso bofe bo lokelang ho hlahlojoa libokeng tsa tšebeletso ea tšimo?
Morero oa seboka sa tšebeletso ea tšimo ke ho re thusa ho lebisa tlhokomelo mosebetsing o tlang ka mor’a sona—tšebeletso ea tšimo. Ka lebaka leo, motsamaisi oa sona o lokela ho lokisetsa hantle ’me a ikemisetse ho bua ka ntho e itseng e khothatsang, e tobileng le e ka sebelisoang. Haeba temana ea letsatsi e amana ka ho toba le mosebetsi oa ho bolela, e ka ’na ea baloa le ho hlahlojoa hakhutšoanyane. Leha ho le joalo, seboka sena se lokela ho lebisa tlhokomelo haholo-holo tšebeletsong ea tšimo, se thuse bohle ba eang mosebetsing oa ho paka hore ba lokele hamolemo ho phetha tšebeletso letsatsing leo.—2 Tim. 4:5.
Ho ka ’na ha buisanoa ka lintlha tse ka sebelisoang tse ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ho etsa hore bohle ba tsebe sengoliloeng se tsamaisoang le mokhoa oa ho se tsamaisa. Letsatsing la Limakasine ho ka etsoa pontšo ka nehelano e sehloohong se reng “Tsela ea ho Buella Limakasine.” Bakeng sa liphutuho tse ling, ho ka ’na ha buelloa kenyelletso e le ’ngoe kapa tse peli bukeng ea Ho Bea Mabaka e tšoanelang tšimo ea sebaka seo. Ho ka ’na ha buisanoa ka tšobotsi e itseng ea tšebeletso kapa ha etsoa pontšo ka eona, e kang tsela ea ho sebelisa Bibele ntlong, kamoo ho ka sebetsanoang le ba ka ’nang ba khaoletsa moqoqo, kamoo ho ka buelloang thuto ea Bibele, kapa kamoo ho ka latelloang ba thahasellang.
Liboka tsa tšebeletso ea tšimo ha lia lokela ho feta metsotso e 10 ho ea ho e 15, e leng se akarelletsang ho aba batho, ho ba bolella hore ba sebetse hokae tšimong le ho rapela. Ha seboka sena se tsoa, e mong le e mong ea teng o lokela ho tseba hore na o tsamaea le mang le hore na ba il’o sebetsa hokae, ’me ba lokela ho ea tšimong hang-hang. Kaha seboka sena se nka nako e khutšoanyane, ke habohlokoa hore bohle ba fihle ka nako. Ha seboka sa tšebeletso se latela seboka sa phutheho, se kang Thuto ea Molula-Qhooa, se lokela ho ba sekhutšoanyane haholoanyane. Ha ho hlokahale hore ho buisanoe ka temana ea letsatsi, kaha ho se ho bile le puisano e molemo ea Mangolo. Leha ho le joalo, seboka sa tšebeletso ea tšimo ha sea lokela ho tloheloa kapa ho kopanngoa le Thuto ea Molula-Qhooa.
Barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba tšoanelehang ba lokela ho abeloa esale pele hore ba tsamaise seboka ka seng sa tšebeletso. Haeba ba ka etellang pele ba le sieo letsatsing le itseng, baholo ba lokela ho khetha baralib’abo rōna ba kolobelitsoeng ba ka etsang joalo ha ho hlokahala. A lutse fatše, morali’abo rōna a ka buisana le sehlopha ka temana ea letsatsi kapa ka lintlha tse ling tse amanang le tšebeletso ea tšimo, a hlalosa lintlha hakhutšoanyane. O lokela ho roala hloohong.
Liboka tsa tšebeletso ea tšimo ke menyetla e metlehali ea hore re khothatsoe le ho hlomelloa bakeng sa ho kopanela tšebeletsong. Ha motsamaisi a lokiselitse hantle, bohle ba tla rua molemo o eketsehileng.