Boboleli ba ’Muso bo Thusa ho Pholosa Bophelo!
1 Ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng mehleng ena. Jehova Molimo, Jesu Kreste le mangeloi a limilione ba lebisitse tlhokomelo ho oona. Ke mosebetsi ofe, hona ho ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa? Ke oa boboleli ba ’Muso, ’me o thusa ho pholosa bophelo!—Bar. 1:16; 10:13, 14.
2 Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore re ka sebeletsa ba bang ka tsela e molemonyana ka ho leka ho ntlafatsa lefatše le re pota-potileng. Ba bangata ba tšoarehile boitekong ba ho tlisa khotso, ba leka ho folisa maloetse, kapa ho ntlafatsa maemo a moruo. Empa ke’ng e tla thusa batho ka ho fetisisa?
3 Mosebetsi oa Bohlokoahali: Ke molaetsa oa ’Muso feela o hlalosang morero oa bophelo, sesosa sa mathata a batho le tšepo ea sebele ea bokamoso. Litaba tse molemo li nolofalletsa batho ho ba metsoalle ea Jehova ’me kahoo ba be le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafil. 4:7) Ke molaetsa oa ’Muso feela o fanang ka tataiso e sebetsang ho thusa batho ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo hona joale le ho hlalosa kamoo re ka pholohang kateng timetso e tlang ea lefatše lena le khopo. (1 Joh. 2:17) Na ka lebaka la see ha rea tšoanela ho etsa boiteko bohle ho bolela ka ’Muso?
4 Ka mohlala: Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa baahi ba robetseng ba motse ba kotsing ea letamo le ka ’nang la phatloha neng kapa neng e ne e tla ba efe? Na e ne e tla ba ho fokotsa metsi ka letamong le ka ’nang la phatloha? Ho ntlafatsa motse oo o haufi le ho timela? Che! Baahi ba motse ba lokela ho tsosoa, ba lemosoe ka kotsi eo e sokelang ’me ba thusoe ho e phema! Ba robetseng moeeng kajeno ba kotsing e tebileng. (Luka 21:34-36) Kaha tsamaiso ena ea lintho e haufi le ho feta, a re ikitlaelletseng ho bolela ka phehello ho bohle bao re ka khonang ho ba bolella!—2 Tim. 4:2; 2 Pet. 3:11, 12.
5 Phehella ho Oona: A re batleng litsela tsa ho finyella batho ba eketsehileng ba tšepahalang ka litaba tse molemo—malapeng a bona, literateng, ka thelefono le ka tsela e sa reroang. Mosebetsi oo Jehova a re fileng oona hore re o etse ke oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka o etsang. Haeba re o etsa ka cheseho, re ‘tla ipholosa ’me re pholose le ba re mamelang.’—1 Tim. 4:16.