Khotsofalla Seo U Nang le Sona
1 Mangolo a re khothalletsa ho lokisetsa litho tsa malapa a rōna lintho tsa nama tse hlokahalang, empa sena ha ea lokela ho ba pakane ea rōna e ka sehloohong bophelong. Lintho tsa moea li lokela ho tla pele. (Mat. 6:33; 1 Tim. 5:8) Ho thata ho lekanyetsa lintho ka tsela e loketseng ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Re ka thusoa ke eng ho etsa joalo?
2 Amohela Pono ea Bibele: Lentsoe la Molimo le re lemosa hore ho lelekisa maruo ho ka liha motho moeeng. (Moek. 5:10; Mat. 13:22; 1 Tim. 6:9, 10) Nakong ena ea makhaola-khang, ho ka ba kotsi hore mang kapa mang ho rōna a tšoarehe haholo mosebetsing oa boipheliso kapa a amehe haholo ka chelete hoo a behang lintho tsa moea—liboka, ho ithuta le tšebeletso—sebakeng sa bobeli bophelong ba hae. (Luka 21:34-36) Ho fapana le hoo, Bibele ea eletsa: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Tim. 6:7, 8.
3 Keletso ena ha e bolele hore Bakreste ba lokela ho iketsa mafutsana. Empa e re thusa ho bona hore na ke’ng seo re se hlokang nameng—lijo, liaparo le bolulo tse loketseng sebakeng seo re lulang ho sona. Haeba re e-na le lintho tse hlokahalang bophelong, ha rea lokela hore re lelekise bophelo bo phahameng re sa qete. Ha re ntse re nahana ka ho reka ntho e itseng kapa ho sebetsa mosebetsi o mong hape, ho hlokahala hore re ipotse, ‘Na ho hlile hoa hlokahala?’ Ho etsa joalo ho tla re thusa ho ela hloko keletso e bululetsoeng e reng: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.”—Baheb. 13:5.
4 Haeba re tšepa Jehova, o tla re hlohonolofatsa. (Liprov. 3:5, 6) Le hoja re lokela ho sebetsa ka thata ho fumana lintho tse hlokahalang letsatsi le letsatsi, ha re lebise tlhokomelo e sa hlokahaleng linthong tseo. Ebang re na le ho honyenyane kapa ho hongata, re tšepile hore Jehova o tla re fa seo re se hlokang. (Bafil. 4:11-13) Ka lebaka leo, re thabela khotsofalo ea bomolimo hammoho le mahlohonolo a mang a mangata.
5 Etsisa Tumelo ea ba Bang: Motsoali e mong ea se nang molekane ea neng a hōlisetsa morali oa hae ’neteng o ile a nolofatsa bophelo ba hae mohato ka mohato. Le hoja a ne a thabela mabothobotho a lehae la hae, o ile a fallela ntlong e nyenyane ’me hamorao a fallela foleteng. Sena se ile sa mo nolofalletsa ho fokotsa nako eo a e qetang a le mosebetsing oa boipheliso e le hore a ka qeta nako e eketsehileng tšebeletsong. Ha morali a se a hōlile ’me a nyetsoe, ’mè enoa o ile a ea pensheneng a e-s’o fihle lilemong tsa ho tlohela mosebetsi, le hoja sena se ne se bolela hore o tla fumana chelete e nyenyane haholoanyane. Hona joale morali enoa oabo rōna o tšoere selemo sa bosupa e le pula-maliboho oa kamehla ’me ha a ikoahlae hore ebe o ile a tela lintho tse itseng tse bonahalang e le hore a etelletse lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba hae.
6 Moholo e mong le mosali oa hae ba butse maliboho ka lilemo tse ngata ha ba ntse ba hōlisa bana ba bona ba bararo. E le lelapa ba ile ba ithuta ho khotsofalla lintho tseo ba li hlokang ho e-na le lintho tseo ba li batlang. Mora enoa oabo rōna o re: “Re ile ra tlameha ho nolofatsa bophelo ba rōna. Le hoja re ’nile ra thatafalloa ke bophelo, Jehova o ’nile a re fa seo re se hlokang. . . . Ha ke bona lelapa la ka le etelletsa lithahasello tsa moea pele ka tsela ena, ke ikutloa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e kamoo e lokelang ho ba kateng, ’me ke na le boikutlo ba hore ke finyeletse ho itseng.” Mosali oa hae o eketsa ka ho re: “Ha ke bona [monna oa ka] a tšoarehile linthong tsa moea, ke ba le khotsofalo ea kelello e tebileng.” Bana le bona ba thabetse hore ebe batsoali ba bona ba entse qeto ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.
7 Bohle ba khethang tsela e joalo ea boinehelo ba bomolimo ho e-na le ho lelekisa lintho tse bonahalang, Bibele e ba tšepisa mahlohonolo a enneng bophelong ba hona joale le ba nako e tlang.—1 Tim. 4:8.