Ruta ba Bang Puo e Hloekileng
1 Le hoja Lipaki Tsa Jehova e le batho ba tsoang ‘lichabeng, melokong, bathong le malemeng’ a mangata, ke batho ba momahaneng, mokhatlo oa sebele oa machaba oa bara ba motho. (Tšen. 7:9) Sena ke se babatsehang lefatšeng lena la kajeno le litsekana. Se khoneha joang? Kahobane re ‘fetohetse puong e hloekileng.’—Sof. 3:9.
2 Liphello Tse Babatsehang: Puo ena e hloekileng ke eng? Ke kutloisiso e nepahetseng ea ’nete e fumanoang Lentsoeng la Molimo e mabapi le Jehova le merero ea hae, haholo-holo ’nete e mabapi le ’Muso oa Molimo. Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, ho sebelisoa mocha oa lefatšeng o bonahalang, e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho jala ’nete ena, ’me sena se etsa hore batho “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba amohele borapeli ba ’nete.—Mat. 24:45; Zak. 8:23.
3 Ha batho ba ithuta puo e hloekileng, ba susumelletseha hore ba lumellanye bophelo ba bona le litekanyetso tsa Jehova. Ba ithuta hore ba “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakor. 1:10) Thuto ea bomolimo e boetse e hlahisa ka ho bona boitšoaro bo lokileng le bo hahang, puo ea ’nete, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea ho bolella ba bang litaba tse molemo. (Tite 2:7, 8; Baheb. 13:15) Liphetoho tsena tse babatsehang li tlotlisa Jehova.
4 Ka mohlala, monna e mong eo ho ileng ha buisanoa le eena ka litaba tse molemo o ne a e-na le lipotso tse ngata, tseo kaofela ha tsona li ileng tsa arabeloa ka Bibele. A susumelitsoe ke seo a se utloileng, o ile a qala ho ithuta habeli ka beke le ho ba teng libokeng. O ile a makatsoa ke kamohelo e mofuthu eo a ileng a amoheloa ka eona Holong ea ’Muso, kaha ba bangata ba neng ba le teng moo e ne e le ba morabe osele. Ka mor’a nakoana, eena le mosali oa hae ba ile ba fetola bophelo ba bona ’me ba kolobetsoa. Ho tloha ka nako eo o se a thusitse batho ba ka bang 40 hore ba sebeletse Jehova, ho akarelletsa le litho tse ’maloa tsa lelapa. Le hoja a holofetse, o sa tsoa qala ho sebeletsa e le pula-maliboho.
5 Ho Ruta ba Bang: Liketsahalo tsa lefatše li etsa hore batho ba bangata ba tšepahalang ba boele ba hlahlobe monahano oa bona le tsela ea bona ea bophelo. Ho tšoana le Jesu, re lokela ho ithaopela ho ba thusa. Ho etsa maeto a ho boela a atlehang le ho khanna lithuto tsa Bibele ke tsela e ka sehloohong ea ho thusa batho bana ba tšepahalang ho ithuta puo e hloekileng.
6 Katamelo e ipakileng e sebetsa ho batho ba maphathaphathe ke ea ho khanna thuto e khutšoanyane ea Bibele u ntse u bua le bona monyako. (km-SU 5/02 leq. 1) Na u kile ua leka see? Ha u itokiselletsa ho etsa leeto la boela, khetha nehelano e lumellanang le boemo ba mong’a ntlo ho tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002. Boholo ba li nehelano tse kenyelletsong ena li reretsoe ho lebisa ka ho toba puisanong ea bukana ea Seo a se Hlokang kapa bukeng ea Tsebo. Itloaetse nehelano e le hore kenyelletso e tle e kopane hamonate le lirapa tseo ho buisanoang ka tsona. Khetha temana kapa tse peli serapeng tseo le tla li bala le ho buisana ka tsona, ebe u lokisetsa potso eo u tla phetha ka eona. E tla thusa ho u lebisa serapeng seo u rerileng ho se tšohla ketelong e hlahlamang.
7 Batho ba Jehova ba latsoa litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la ho ithuta puo e hloekileng. E se eka re ka ikitlaelletsa ho thusa ba bang hore ba kopanele le rōna ho ‘ipiletseng lebitsong la Jehova’ le ho ‘mo sebeletseng ka mahetla a bapileng.’—Sof. 3:9.