Na U ka Bula Lehae la Hao?
1 Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba bangata ba ile ba bula mahae a bona hore a sebelisetsoe liboka tsa phutheho. (1 Bakor. 16:19; Bakol. 4:15; Filem. 1, 2) Liphuthehong tse ling kajeno, ha ho na libaka tse lekaneng tsa ho tšoarela lihlopha tsa Thuto ea Buka ea Phutheho le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Sena se ka ’na sa fella ka hore lihlopha tse ling tsa thuto ea buka li be le palo ea ba 30 kapa ba ka holimo, e leng e fetang hōle palo e khothalletsoang ea ba ka bang 15.
2 Tokelo e Babatsehang: Na u kile ua nahana ka ho bula lehae la hao bakeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho? Ho hlokahala kamore e boholo bo lekaneng, e hloekileng, e nang le khanya e lekaneng le eo moea o kenang ka ho lekaneng. Kaha thuto ea buka ke seboka sa phutheho ebile ke karolo ea tokisetso ea Jehova ea ho rupela batho ba hae, ho tšoarela thuto ea buka ha hao ke tokelo e babatsehang. Ba bangata ba tlaleha hore ba ruile molemo moeeng ka ho bula mahae a bona ka tsela ena.
3 Haeba u nahana hore lehae la hao le ka sebelisoa, ka kōpo tsebisa baholo. E ka ’na eaba ba ntse ba batla libaka tse eketsehileng. Haeba ho sa khonehe hore ho tšoareloe thuto ea buka lehaeng la hao, na liboka tsa tšebeletso ea tšimo li ka tšoareloa teng? Le haeba hona joale ho se na tlhokahalo, baholo ba tla ananela ho tseba hore lehae la hao lea fumaneha. U ka ’na ua thabela tokelo eo nakong e tlang.
4 Ho Bontša Mekhoa e Metle: Ha liboka li tšoaretsoe lehaeng la motho, bohle ba teng ba lokela ho hlompha thepa ea mong’a ntlo. Batsoali ba lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba fella sebakeng se reretsoeng thuto, ba se ke ba kena libakeng tseo ba sa lokelang ho kena ho tsona. Ho boetse ho lokela hore ho nahaneloe baahelani, ka ho ba hlokolosi ho qoba ho ba sitisa ho sa hlokahale.—2 Bakor. 6:3, 4; 1 Pet. 2:12.
5 Baheberu 13:16 e re khothalletsa hore re se ke ra lebala “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” Ho bula lehae la hao bakeng sa seboka sa phutheho ke tsela e babatsehang ea ho abelana le ba bang lintho tse molemo le ea ho “hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.”—Liprov. 3:9.