Maeto a ho Boela a Lebisa Lithutong Tsa Bibele
1. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa maeto a ho boela e le oa bohlokoa hakaale?
1 Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba se ke ba bolela feela empa hape ba ‘etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ba rute.’ (Mat. 28:19, 20) ’Moleli oa bolela empa mosuoe o etsa ho fetang hoo. Oa rupela, oa hlalosa ’me o fana ka bopaki. Tsela e ’ngoe eo re rutang ba bang ka eona ke ka ho etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang ka morero oa ho qalisa lithuto tsa Bibele le bona.
2. Ke bo-mang bao re lokelang ho khutlela ho bona?
2 U lokela ho etsa maeto a ho boela ho bo-mang? Etsa bonnete ba hore u khutlela ho bohle ba amohelang lingoliloeng kapa le ba bontšang thahasello e nyenyane feela litabeng tse molemo. Haeba u fumana motho ea thahasellang ha u ntse u paka phatlalatsa, fumana aterese ea motho eo kapa nomoro ea thelefono e le hore thahasello eo e ka hlaoleloa. E-ba le boikutlo bo nepahetseng ka hore u tla qalisa lithuto tsa Bibele. Tsoela pele ho batla ba tla amohela thuto ea Bibele, ’me ho ka etsahala hore u ba fumane.—Mat. 10:11.
3, 4. Ho hlokahala eng ho etsa maeto a ho boela a atlehileng?
3 Bontša Thahasello: Ho lokisetsa leeto la ho boela le atlehang ho qala leetong la pele. Baboleli ba evangeli ba atlehang ba hlokomela seo mong’a ntlo a se thahasellang ’me ba se sebelisa e le motheo oa ho ntšetsa puisano pele. Ba bang ba bona ho le molemo ho botsa potso qetellong ea leeto e le hore ba ka etsa hore mong’a ntlo a thahaselle leeto le latelang. Ho thahasella batho e le kannete ho etsa hore re lule re nahana ka bona esita le ka mor’a ho tloha mahabona, ’me ho re susumelletsa ho khutlela ho bona kapele-pele. Haeba ho khoneha, leka ho khutla thahasello e sa ntse e le teng—mohlomong ka mor’a letsatsi kapa a mabeli.
4 Ha u etsa leeto la ho boela, leka ho haha ho seo le se buileng nakong e fetileng. Ipehele pakane ea hore lekhetlo ka leng u mo bolelle bonyane ntlha e le ’ngoe e hahang e tsoang ka Mangolong, ’me u ikemisetse ho mamela. Loanela ho tseba mong’a ntlo hamolemo. Ebe maetong a latelang, u buisana le eena ka linnete tsa Lentsoe la Molimo tse buang ka ho toba ka lintho tseo a amehileng ka tsona.
5. Ho ka sebelisoa tsela efe e bonolo ha ho qalisoa lithuto tsa Bibele?
5 Falimehela Menyetla ea ho Qalisa Thuto ea Bibele: Etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho qalisa thuto ea Bibele. See se ka etsoa joang? Bolella motho ea thahasellang hore u lakatsa ho buisana le eena ka taba e thahasellisang, ebe u ea serapeng sa buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang seo u nahanang hore se tla ipiletsa ho eena. Bala serapa, botsa potso ’me u tšohle lengolo le le leng kapa a mabeli a bontšitsoeng. U ka etsa sena u eme monyako ka metsotso e mehlano ho isa ho e leshome. Phetha ka ho botsa potso e ’ngoe le ho etsa litokisetso tsa ho ntšetsa puisano pele nakong e tlang.
6. Re ka bontša joang hore re utloisisa bohlokoa ba ho etsa maeto a ho boela?
6 Ho hlaolela thahasello eohle eo re e fumanang ke tšobotsi ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna. Ka lebaka leo, ipehele nako ea ho etsa maeto a ho boela beke le beke. Ho etsa joalo ho tla atlehisa tšebeletso ea hao ’me ho u tlisetse thabo ea sebele.