Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Linaheng Tse Ling Tsa Europe
1 Lilemong tsa morao tjena mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ling tsa Europe ho akarelletsa le Europe Bochabela, o ne o thibetsoe. Linaheng tse ngata lithibelo tsena li ne li le matla haholo. Ho ne ho le thata ho tšoara liboka phatlalatsa, ’me ho sa khonehe hore li tšoareloe Liholong Tsa ’Muso. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, “Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho rōna. Re thabile.”—Pes. 126:3.
2 Ho tloha ka 1983, khatello eo Lipaki Tsa Jehova li bileng tlas’a eona e ile ea qala ho fokotseha. Ka 1989, Lipaki Tsa Jehova li ne li se li ngolisitsoe ka molao Poland le Hungary. Ka 1991, Lipaki Tsa Jehova tsa ngolisoa ka molao Russia. Ho tloha ka nako eo, mosebetsi o ile oa tsoela pele Russia le linaheng tseo pele e neng e le tsa Soviet Union. Lipakeng tsa March 1996 le October 1998, Sehlopha se Busang se ile sa lumela ha liofisi tsa makala tse tsamaisang mosebetsi linaheng tse 11 tsa Europe li alima chelete ea ho haha Liholo Tsa ’Muso tse 359.
3 Ha u ntse u talima litšoantšo tse kenyeletsong ena, nahana ka lintho tse khōlō le tse hlollang tseo Jehova a li etselitseng batho ba hae. (Pes. 136:4) U tla thabela ho tseba hore menehelo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara e sebelisoa hantle, tumellanong le seo Jesu a se buileng ho Johanne 13:35 ha a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”
4 E ’ngoe ea linaha tsa Europe tse ruang molemo tokisetsong ea ho thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso linaheng tse kollang ntsi hanong ke Romania, moo ho seng ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse 36 ho tloha ka July 2000. Ka 2001 Ukraine ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse 61 ho sebelisoa polane e tšoanang, ’me ha hahoa tse ling tse 76 ka 2002. Ka thuso ea Letlōle la Liholo Tsa ’Muso, ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse makholo Bulgaria, Croatia, Macedonia, Moldova, Russia le Yugoslavia.
5 Linaheng tse ling ha hoa ka ha e-ba bonolo ho haha Liholo Tsa ’Muso, ’me ho lokela ho etsoe boiteko bo bongata pele ho qalisoa kaho. Hangata litokisetso tsena li nka nako e telele. Hape, litšenyehelo tsa kaho ea Holo ea ’Muso karolong eo ea Europe li phahame haholo ho feta likarolong tse ngata tsa Afrika kapa tsa Amerika Boroa. Leha ho le joalo, ka lebaka la keketseho ea barapeli ba Jehova, ho sa ntse ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse makholo linaheng tsa Europe tse kollang ntsi hanong!
6 Ke ho hlollang hakaakang ho bona keketseho e potlakileng ea kaho ea Liholo tsena Tsa ’Muso! Liphihlelo tse ngata li bontša hore ho fanoe ka bopaki bo botle libakeng tseo li hahiloeng ho tsona. Libakeng tse ling, ba boholong ba khahliloe ke moea oa boithaopo o bontšoang ha ho lateloa litaelo tse mabapi le kaho.
7 Esaia o ile a profeta ka nepo ka keketseho ea kajeno ea barapeli ba ’nete. A sebelisa moprofeta enoa Molimo o boletse esale pele a re: “’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esa. 60:22) Ka sebele, lilemo tse leshome tse fetileng e bile tsa nako ea Jehova ea keketseho Europe Bochabela. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho tšollela mahlohonolo a hae a enneng boitekong ba rōna ba ho potlakisa mosebetsi oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso linaheng tse ngata ha re ntse re tšehetsa Letlōle la Liholo Tsa ’Muso! Sena se tla etsa hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse ngata linaheng tse kollang ntsi hanong. Se tla tlatsetsa khōlong ea borapeli bo hloekileng likarolong tse ngata tsa Europe le bopaking bo eketsehileng bo fanoang “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Lik. 13:47.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Holo ea ’Muso Moscow, Russia
[Litšoantšo tse leqepheng la 4-6]
Liholo Tsa ’Muso tse ncha Europe Bochabela
Strumica, Macedonia
Daruvar, Croatia
Bitola, Macedonia
Sokal, Seterekeng sa Lviv, Ukraine
Mladost, Bulgaria
Kurdzhipskoye, Maykop, Russia
Bački Petrovac, Yugoslavia
Plovdiv, Bulgaria
Tlumach, Seterekeng sa Ivano-Frankivsk, Ukraine
Rava-Ruska, Seterekeng sa Lviv, Ukraine
Stara Pazova, Yugoslavia
Zenica, Bosnia le Herzegovina
Sokal, Seterekeng sa Lviv, Ukraine
Zhydachiv, Seterekeng sa Lviv, Ukraine