Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/03 leq. 1
  • Ho Ananela Mohau oa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ananela Mohau oa Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ntat’a Lōna o Mohau’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Re Sebeletsa Molimo ea “Ruileng Mohau”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Bolelang Litaba Tse Molemo Tsa Mosa o sa Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 7/03 leq. 1

Ho Ananela Mohau oa Molimo

1 Pele moapostola Pauluse e e-ba Mokreste, o ne a hanyetsa ka matla ho ata ha Bokreste. Leha ho le joalo, kaha o ne a etsa seo ka ho hloka tsebo, o ile a hauheloa. Jehova o ile a bontša mosa o sa tšoanelang ’me a mo fa kabelo ea bohlokoa ea ho bolela. Pauluse a e nka e le letlotlo. (Lik. 26:9-18; 1 Tim. 1:12-14) Kananelo bakeng sa mohau oa Jehova e ile ea susumelletsa Pauluse hore a ikitlaelletse ho phetha tšebeletso ea hae.—2 Bakor. 12:15.

2 Ka lebaka la mohau oa Molimo, le rōna re filoe tšebeletso. (2 Bakor. 4:1) Joaloka Pauluse, re ka bontša kananelo bakeng sa mohau oo re o bontšitsoeng ka ho ikitlaelletsa ho thusa ba bang ho tsoela pele moeeng. Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ke ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna.

3 Ho Qalisa Lithuto Tsa Bible: Ho theha tselana ea limakasine ke mokhoa o mong oa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Kamehla ha re etela ba litselaneng tsa rōna tsa limakasine, re tseba haholoanyane lintho tseo ba amehileng ka tsona. Qetellong, u ka sebelisa sehlohoana se itseng makasineng e le monyetla oa ho buella thuto ea Bibele bukaneng ea Seo a se Hlokang. Maetong a latelang, ho ka ’na ha khoneha ho ntšetsa puisano pele ka bukana ea Seo a se Hlokang ha u siela mong’a ntlo limakasine.

4 Ho Hlokahala Hore U Rapele ’me U Etse Boiteko: Thapelo e tsamaisanang le boiteko bo mafolofolo li tla ntlafatsa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea neng a e-na le thuto e le ’ngoe ea Bibele o ile a rapela Jehova hore a mo hlohonolofatse ka lithuto tse eketsehileng. O ile a boela a sebetsa tumellanong le lithapelo tsa hae. A hlahlobisisa tšebeletso ea hae ’me a hlokomela hore o ne a sa buelle lithuto tsa Bibele ha a etsa maeto a ho boela. O ile a qala ho li buella ’me kapele ka mor’a moo a ba le lithuto tse ling hape tse peli.

5 Re na le tokelo e kaakang ea ho tsebahatsa “litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo”! (Lik. 20:24) E se eka kananelo bakeng sa mohau oa Molimo e ka re susumelletsa hore ka mafolofolo re thuse ba bang ho rua molemo moseng o sa tšoanelang oa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela