Lengolo le Tsoang Lekaleng
Bahoeletsi ba ’Muso ba Ratehang,
“Molimo a ’na a hōlisa.” (1 Bakor. 3:6) E ’nile ea e-ba ho thabisang hakaakang ho bona khōlo tšimong e hlokomeloang ke lekala la Afrika Boroa selemong sa tšebeletso sa 2003!
April e bile khoeli e ikhethang! Afrika Boroa e tlalehile litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi ba 73 456 le lithuto tsa Bibele tse 97 066; Namibia lithuto tsa Bibele tse 1 725, lihora tse 26 216, limakasine tse 18 811 le maeto a ho boela a 9 130; Lesotho bahoeletsi ba 2 942 le lithuto tsa Bibele tse 4 220; ’me Botswana e tlalehile bahoeletsi ba 1 288. Barab’abo rōna ba Swaziland le St. Helena baa babatsoa ka lebaka la ho sebetsa ka thata.
Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi o etsoang litholong. Phutheho ea pele ea puo ea matsoho e thehiloe ka la 1 July Johannesburg ’me e tla hlokomela litholo karolong e khōlō ea Gauteng. Lihlopha tsa Puo ea Matsoho Cape Town, Durban, Windhoek le Gaborone le tsona li tsoela pele hantle.
Ha July e fela ho ne ho se ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse 35 ’me ho ne ho ntse ho hahuoa tse ling tse ngata. Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka tse 25 le baithaopi ba bangata ba lebohuoa ka mosebetsi oa bohlokoa oo ba o etsang.
Ho ntse ho atolosoa setsi sa khatiso se Roodekrans e le hore ho ka fepeloa tšimo e ntseng e hōla ka lingoliloeng. Mosebetsi oa konteraka o tsoela pele hantle ’me katoloso ena e lokela hore e be e phethiloe mathoasong a 2004. Mochine oa khatiso o moholo oa morao-rao o reretsoe ho fihla hoo e ka bang ka April 2004. Mochine ona oa khatiso o tla khona ho hatisa limakasine tse 25 ka motsotsoana. Ho tla boela ho kenngoe thepa ea ho kopanya libuka ka 2004.
Ha re kena selemong sa tšebeletso sa 2004, re kopanela le lōna ho rapela hore Jehova ‘a ’ne a hōlise.’
Barab’abo lōna,
Ofisi ea Lekala ea Afrika Boroa