Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/04 leq. 4
  • Lijo tsa Moea ka Nako e Tšoanetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lijo tsa Moea ka Nako e Tšoanetseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Jehova o Phutha Batho ba Hae ba Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” Tsa 1999
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 10/04 leq. 4

Lijo tsa Moea ka Nako e Tšoanetseng

1 ‘Ke tla bitsa lijo-thollo le ho etsa hore li ate, nke ke ka le tlisetsa tlala,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. (Ezek. 36:29) Mantsoe ao a boprofeta a sebetsa ho batho ba Molimo kajeno. Ka tsela ea tšoantšetso, Jehova o hlahiselitse batho ba hae lijo-thollo tse ngata tse phelisang. Lijo tsa moea tse nakong tse fanoang likopanong tsa rōna tsa setereke li bontša sena ka ho hlakileng.

2 Kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, ka 1931, Jehova o ile a tataisa barapeli ba hae hore ba amohele lebitso le lecha—e leng la Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Ka 1935 bongata bo boholo ba Tšenolo 7:9-17 bo ile ba tsejoa ka ho nepahetseng. Ka 1942, Mor’abo rōna Knorr o ile a fana ka puo e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Puo eo e ile ea matlafatsa mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle ’me ea etsa hore ho thehoe Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Le hoja likopano tse ling li hopoleha haholo, e ’ngoe le e ’ngoe e bile tafole e tekiloeng hantle ea lijo tsa moea tse matlafatsang tse fanoang ka nako e loketseng.—Pes. 23:5; Mat. 24:45.

3 U ja Hantle Hakae? Ho ka etsahala hore le hoja re e-na le lijo tse ngata re se fepehe hantle ’meleng haeba re sa je. (Liprov. 26:15) Hoa tšoana le ka tsela ea moea. Likopanong tse seng kae, ho hlokometsoe hore ba bangata ba ea holimo le tlaase kapa baa qoqa nakong ea lenaneo. Le hoja botsoalle bo hahang e le karolo ea bohlokoa ea kopano, nako ea ho etsa sena ke pele ho lenaneo le ka mor’a lona. (Moek. 3:1, 7) Haeba re sa lula fatše ’me re sa mamela ka hloko, re ka ’na ra lahleheloa ke ntlha ea bohlokoa. Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore balebeli ba mafapha a kopano le barab’abo rōna ba nang le likabelo ba buisane ka litaba tsa kopano ha mananeo a ntse a tsoela pele. Ha ho se joalo, ba lokela ho beha mohlala ka ho mamela lenaneo ka hloko. Ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho fetoa ke lijo tsa moea tse fanoang.—1 Bakor. 10:12; Bafil. 2:12.

4 Re thabela hakaakang linnete tsa moea tse enneng tseo Jehova a fanang ka tsona, ho fapana le lithuto tsa bohata tse sa haheng tsa Bokreste-’mōtoana! (Esa. 65:13, 14) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka ‘iponahatsang re le ba lebohang’ ke ka ho talima kopano e le monyetla oa ho rutoa ke Jehova. (Bakol. 3:15) U se ke ua lebisa tlhokomelo ho mor’abo rōna ea fanang ka puo, empa u talime molaetsa oo e le o tsoang ho ‘Morupeli oa rōna e Moholo.’ (Esa. 30:20, 21; 54:13) Mamelisisa. Ngola lintlha tse khutšoanyane tsa sehlooho. Ikhopotse lintlha tse khōlō tsa lenaneo mantsiboeeng a mang le a mang. Sebelisa seo u ithutang sona.

5 Kopano e ’ngoe le e ’ngoe e tšoaroang pele ho Armagedone, ebang e tšoareloa kampong ea baphaphathehi, naheng e harasantsoeng ke ntoa kapa sebakeng se seholoanyane le se khutsitseng, e bontša hore Satane o hlōlehile! Re le mokhatlo oa bara ba motho o bonngoeng, re ananela menyetla ea rōna ea ho bokana likopanong tsa setereke. (Ezek. 36:38) Re kholisehile hore ka lerato Jehova o tla boela a re fa “lijo ka nako e tšoanetseng.”—Luka 12:42.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

1. Ezekiele 36:29 e phethahala joang kajeno?

2. Jehova o sebelisitse likopano tsa setereke joang ho fana ka lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng?

3. Re lokela ho etsa’ng e le hore re rue molemo moketeng oa lijo tsa moea kopanong ea rōna ea setereke?

4. Re ka bontša joang hore re leboha matletsetletse a lijo tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona?

5. Likopano tsa setereke li re fa mabaka afe a ho thaba?

[Lebokose le leqepheng la 4]

Ananela Tafole ea Jehova

◼ Mamelisisa

◼ Ngola lintlha tsa sehlooho

◼ Ikhopotse lintlha tse khōlō tsa lenaneo mantsiboeeng a mang le a mang

◼ Sebelisa seo u ithutang sona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela