Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/04 leq. 6
  • Ponahalo e Hloekileng, e Babatsehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ponahalo e Hloekileng, e Babatsehang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Roka Jehova Phuthehong e Khōlō
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 10/04 leq. 6

Ponahalo e Hloekileng, e Babatsehang

1 “Lipaki Tsa Jehova ke batho ba molemo ka ho fetisisa! Batho ba lōna ba mosa ’me ba apara hantle, baa hlompha.” Ke seo moemeli e mong oa hotele a ileng a se bua ka bara le barali babo rōna kopanong e ’ngoe ea setereke ea selemo se fetileng. Kopanong e ’ngoe, motho ea sebetsang hoteleng o ile a re: “Ho hlakile hore batho ba lōna ba aparela ho khahlisa Molimo.” E, batho ba eang kopanong ba hlokomeloa ke ba bang. Ka lebaka leo re batla ho apara ka “mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo,” ’me hangata sena se susumelletsa batho ba ka ntle ho re babatsa ’me se etsa hore ho totobale hore re basebeletsi ba Molimo. (Bafil. 1:27) Ha re ntse re itokisetsa kopano ea setereke, ke ho loketseng hore re nahanele ponahalo ea rōna esale pele.

2 Morutuoa Jakobo o ile a ngola, a re: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile.” (Jak. 3:17) Ho bonahatsa bohloeki ponahalong ea rōna e ka ba ntho e thata. Lefatše la Satane le itšoereng hampe le susumelletsa batho ho amohela mekhoa e sa hlompheheng, e tsosang takatso, e feteletseng le e sa lokelang. (1 Joh. 2:15-17) Kahoo, ha re etsa liqeto tabeng ea moaparo le boitlhopho, ho hlokahala hore re ele hloko keletso ea Bibele ea hore re ‘hane ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong . . . har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.’ (Tite 2:12) Le ka mohla ha re batle ho khopisa ba bang ka ponahalo ea rōna, ebang ke barab’abo rōna, batho ba sebetsang lihoteleng le lireschorenteng kapa ba bang ba re shebileng.—1 Bakor. 10:32, 33.

3 Moaparo o Hlomphehang, o Hlophehileng Hantle: Ha u itokisetsa kopano, ipotse: ‘Na moaparo oa ka oa hlompheha kapa o lebisa tlhokomelo e sa hlokahaleng ho ’na? Na o bontša ho hlompha maikutlo a ba bang? Na mabolause a ka a bulehile haholo molaleng kapa a makhutšoanyane haholo? Na mese ea ka ea bonaletsa kapa ea tlenya? Na liaparo tsa ka li hloekile ’me ha li nkhe hampe? Ha ke phomotse ka mor’a lenaneo, na ke tla ba le ponahalo e makhethe, e hloekileng ea mosebeletsi kapa liaparo tsa ka e tla ba tse bohlasoa, tsa feshene, tse bontšang ho se tsotelle le tse sa lokelang motho ea qhoaetseng beche ea eang kopanong? Na liaparo tseo ke li aparang nakong ea boikhathollo li ka etsa hore ke hlajoe ke lihlong ho fana ka bopaki bo sa reroang?’—Bar. 15:2, 3; 1 Tim. 2:9.

4 Re ka rua molemo litlhahisong tsa Bakreste ba hōlileng tsebong. Basali ba lokela ho botsa banna ba bona hore na ba bang ba ka ikutloa joang ka liaparo tsa bona. Batsoali ba tšabang Molimo ba ka thusa bana ba bona tabeng ena. Ho ekelletsa moo, baralib’abo rōna ba hōlileng ba nang le tlhompho ea borapeli ba ka “khutlisetsa basali ba bacha kelellong hore . . . e be ba hlaphohetsoeng kelellong, ba hloekileng” ponahalong ea bona “e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.” (Tite 2:3-5) Ka har’a lingoliloeng tsa rōna ho na le litšoantšo tse molemo tse bontšang moaparo o hlomphehang, o hlophehileng hantle.

5 Tlisetsa Jehova Thoriso: Likopano tsa setereke li fa e mong le e mong oa rōna, eseng ba nang le karolo lenaneong feela, monyetla o motle oa ho rorisa Jehova. Ho hlakile hore boitšoaro ba rōna ba Bokreste le lipuo tsa rōna li tla mo tlotlisa. Empa ntho ea pele eo ba bangata ba re shebileng ba e hlokomelang ke moaparo oa rōna le boitlhopho. E se eka kaofela ha rōna re ka tlisetsa Jehova thoriso ka ponahalo ea rōna e hloekileng, e babatsehang.—Pes. 148:12, 13.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

1. Ha re itokisetsa kopano ea setereke, ke hobane’ng ha re lokela ho nahanela ponahalo ea rōna?

2. Ke hobane’ng ha e le ntho e thata ho apara le ho itlhopha ka mokhoa o hloekileng?

3. Ke lipotso life tse tla re thusa ho hlahloba ponahalo ea rōna?

4. Ba bang ba ka re thusa joang ho ba le ponahalo e hloekileng?

5. Kaofela ha rōna re ka tlisetsa Jehova thoriso joang nakong ea kopano?

[Lebokose le leqepheng la 6]

Thuso ea ho ba le Ponahalo e Babatsehang

◼ Lentsoe la Molimo

◼ Ho itlhahloba

◼ Litlhahiso tsa ba bang

◼ Lingoliloeng tsa Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela