Ho Tsamaisa Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo
◼ “Na u nahana hore lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo haeba batho ba ne ba phela tumellanong le polelo ee? [Bala Matheu 7:12a. Ebe u emela karabelo.] Buka ena e na le lithuto tse ngata tsa mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 17.
◼ “Kajeno batsoali ba bangata ba leka ho ruta bana ba bona litekanyetso tse molemo. Na u nahana hore see se molemo? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 22:6.] Hlokomela hore batsoali ba khothalletsoa ho qala ho ruta bana ba bona ba sa le banyenyane. Buka ena e hatisitsoe ka morero oa ho ba thusa ho etsa seo.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 15, 18, kapa 32.
◼ “Hangata batsoali ba makatsoa ke lipotso tseo bana ba bona ba li botsang. Ho ka ba thata ho araba tse ling tsa lipotso tseo, na ha ho joalo? [Emela karabelo. Ebe u bala 2 Timothea 3:14, 15.] Ho tloha boseeng ’mè oa Timothea le nkhono oa hae ba ile ba mo ruta seo Mangolo a se buang. Buka ena e ka thusa batsoali hore ba etsetse bana ba bona se tšoanang kajeno.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse seng kae le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 11 le ea 12 kapa ea 34 ho ea ho 36.