Tsela ea ho Paka Tšimong ea Mabenkele
1 Na u ka rata ho paka tšimong eo ka tloaelo batho ba amohelang baeti le moo e bang ka seoelo u fumanang batho ba le sieo hae? Mohlomong u ka khona ho etsa joalo tšimong ea phutheho ea heno. Joang? Ka ho etela mabenkele a sebaka seo. Bahoeletsi ba pakang mabenkeleng hangata ba beha litholoana tse molemo.
2 Liphutheho tse ling li na le mabenkele a oelang tšimong ea tsona. Mor’abo rōna ea hlokometseng tšimo a ka ’na a etsa likarete tse khethehileng tsa ’mapa oa tšimo ena ea mabenkele a mangata sebakeng se le seng. Likarete life kapa life tsa ’mapa oa tšimo ea libaka tsa bolulo tse akarelletsang mabenkele li lokela ho bontša ka ho hlaka hore mabenkele ha aa lokela ho sebetsoa e le karolo ea tšimo eo. Masimong a mang, mabenkele a ka sebetsoa hammoho le libaka tsa bolulo. Haeba u e-s’o sebetse tšimo ea mabenkele, qala ka ho sebetsa a seng makae a manyenyane.
3 Sebelisa Katamelo e Bonolo: Ha u paka mabenkeleng, ke habohlokoa hore u apare ka tsela eo u neng u tla apara ka eona ha u e-ea sebokeng Holong ea ’Muso. Ho boetse ho molemo ho khetha nako eo ho sa phetheseleng ka lebenkeleng. Haeba ho khoneha, kena ka nako eo ho seng bareki ba emetseng ho sebeletsoa. Kōpa ho buisana le mookameli kapa motho ea ikarabellang. U bue hakhutšoanyane ’me u tobe taba. U ka ’na ua re’ng?
4 Ha u bua le mohoebi kapa mookameli, u ka ’na ua re: “Batho ba khoebo ba phathahane hoo re tšohang re ba fumane malapeng, ke ka hona re u etetseng mosebetsing. Limakasine tsa rōna li fana ka pono e akaretsang mabapi le se etsahalang hona joale.” Ebe u buella ntlha e le ’ngoe e khutšoanyane makasineng e le ’ngoe.
5 Kapa u ka ’na ua leka ho sebelisa katamelo ena e bonolo: “Batho ba bangata ba ka rata ho tseba ho eketsehileng ka Bibele empa ba phathahane. Pampitšana ena e hlalosa lenaneo le sa lefelloeng la ho ithuta le ka u thusang ho fumana likarabo tsa lipotso tseo u nang le tsona mabapi le Bibele.” Ebe u mo bontša leqephe la 4-5 la pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
6 Haeba motho ea ikarabellang a bonahala a phathahane, u ka ’na ua mo fa pampitšana feela ’me ua re: “Ke tla fapohela mona ha u sa phathahana. Nka thabela ho utloa maikutlo a hao ka pampitšana ena.”
7 Ho Hlaolela Thahasello e Bontšitsoeng: U ka ba ua khona ho khanna thuto ea Bibele tšimong ea mabenkele. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o ne a isetsa rakhoebo e mong limakasine kamehla. Ha monna enoa a bontša hore o thahasella seo a neng a se bala, pula-maliboho eo a mo bontša kamoo thuto ea Bibele e khannoang kateng, a sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ho ile ha qalisoa thuto hona moo mosebetsing oa monna eo. Ka lebaka la ho nahanela maemo, pula-maliboho enoa a etsa hore thuto e nke metsotso e 10 kapa 15 lekhetlo ka leng. Ka ho tšoanang, e se eka re ka tsoela pele ho batla ba tšoanelehang ka ho paka tšimong ea mabenkele.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Melemo ea ho paka tšimong ea mabenkele ke efe?
2. Ho paka mabenkeleng ho ka hlophisoa joang?
3. Re tla thusoa ke’ng hore re atlehe ha re paka mabenkeleng?
4-6. Re ka re’ng ha re pakela mohoebi kapa mookameli?
7. Ke joang re ka hlaolelang thahasello bathong bao re ba fumanang tšimong ea mabenkele?