Lebokose La Lipotso
◼ Motho a ka iphumanela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! joang?
Kaha e se e le nako e teletsana tokisetso ea peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! le lik’hasete tsa tsona ka lipuo tsohle e felisitsoe, bahoeletsi bohle ba lokela ho iphumanela limakasine le lik’hasete phuthehong. Mokhelo e tla ba limakasine tsa Braille le lik’hasete, tse romelloang ho batho ba tšoanelehang li sa lefelloe. Ka kōpo hlokomela hore liphutheho li ka ’na tsa odara limakasine tse rekotiloeng lik’haseteng li sebelisa foromo ea Congregation Requests (M-202). Ka ho tšoanang likhatiso tsa lipuo tsa linaha tse ling le tsa mongolo o moholo li lokela ho odaroa ka foromo ena.
Haeba tšimong ea lōna ho e-na le motho ea batlang hore a tlisetsoe limakasine kamehla, ka kōpo tiisang hore le etsa joalo kapele-pele e le hore ho se be le tokollo e mo fosang. Batho ba khaotsoeng ba ka ’na ba fumana limakasine kapa libuka tse ling tseo ba ka li balang lefapheng la limakasine le libuka Holong ea ’Muso. Batho ba khaotsoeng ha baa lokela ho ba tselaneng ea limakasine.
Lipeeletso tseo ofisi ea lekala e tla boloka tlaleho ea tsona faeleng ke tsa bao ho ke keng ha khoneha hore mohoeletsi oa phutheho a ba isetse limakasine ka tselana ea limakasine. Haeba Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e romela kōpo ea peeletso bakeng sa motho ea ke keng a fumana limakasine ka tsela e ’ngoe, mongoli o lokela ho kenyelletsa molaetsa o mokhutšoanyane o netefatsang hore kōpo ena ea peeletso e hlahlobiloe le ho amoheloa ke Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho.
Sena se bolela hore bahoeletsi ha baa lokela ho ngolla ofisi ea lekala ba ikōpela lipeeletso. Likōpo tse joalo tsa lipeeletso tse etsoang ke bahoeletsi kapa batho ba thahasellang li tla khutlisetsoa phuthehong.
◼ Motšoaruoa a ka iphumanela limakasine joang?
Haeba phutheho e abetsoeng ho bolela teronkong e itseng e ka khona ho fa batšoaruoa limakasine, joale motšoaruoa o lokela ho iphumanela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho bahoeletsi ba etileng. Ha sena se sa khonehe, motšoaruoa a ka ikōpela lipeeletso ka ho ngolla ofising ea lekala. Ka kōpo hlokomela hore batšoaruoa ba khaotsoeng ka ho tšoanang ba ka iphumanela limakasine ka tsela e bontšitsoeng serapeng sena.