Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/04 leq. 1
  • Karolo ea 2: Ho Lokisetsa ho Khanna Thuto

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea 2: Ho Lokisetsa ho Khanna Thuto
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea 4: Ho Koetlisetsa Liithuti ho Lokisetsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lokisetsa Thuto Hantle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 8/04 leq. 1

Karolo ea 2: Ho Lokisetsa ho Khanna Thuto

Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele

1 Ho ruta thuto ea Bibele ka katleho ho akarelletsa ho hongata ho feta ho buisana feela ka boitsebiso le ho bala mangolo a sa qotsoang. Re lokela ho fetisa boitsebiso ka tsela e amang pelo ea seithuti. Sena se hloka hore re lokisetse hantle re nahanne ka seithuti.—Liprov. 15:28.

2 Mokhoa oa ho Lokisetsa: Qala ka ho rapella motho eo le litlhoko tsa hae ho Jehova. Kōpa Jehova hore a u thuse ho finyella pelo ea seithuti. (Bakol. 1:9, 10) E le hore u ka utloisisa sehlooho hantle, nahana ka nakoana ka sehlooho sa khaolo kapa sa thuto, lihloohoana, le ka lithuso leha e le life tse bonahalang. Ipotse: ‘Sepheo sa boitsebiso boo ke sefe?’ Sena se tla u thusa ho lebisa tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho ha u ntse u khanna thuto.

3 Hlahloba serapa se seng le se seng sa boitsebiso boo ka hloko. Fumana likarabo tsa lipotso tse bukeng, u tšoaee feela mantsoe a sehlooho le lipolelo. Hlahloba kamoo mangolo a sa qotsoang a amanang kateng le lintlha tsa sehlooho serapeng, ’me u khethe ao u tla a bala thutong. U ka ’na ua bona ho le molemo ho ngola lintlha tse khutšoanyane ka mahlakoreng a sengoliloeng. Seithuti se lokela ho bona hantle hore seo se ithutang sona se tsoa Lentsoeng la Molimo.—1 Bathes. 2:13.

4 Etsa Hore Thuto e Tšoanele Seithuti: Ka mor’a moo, hlahloba thuto u nahanne ka seithuti. Leka ho nahana esale pele ka lipotso tseo se tla li botsa le ka lintlha tseo ho ka ’nang ha e-ba thata ho li utloisisa kapa ho li amohela. Ipotse: ‘Ke eng seo se lokelang ho se utloisisa kapa ho sebeletsa ho sona e le hore se ka hatela pele moeeng? Nka finyella pelo ea sona joang?’ Ka mor’a moo, lumellanya thuto ea hao le maemo ka tsela e loketseng. Ka linako tse ling, ho ka hlokahala hore u lokisetse papiso, tlhaloso, kapa letoto la lipotso ho thusa seithuti ho utloisisa se boleloang ke ntlha e itseng kapa lengolo. (Neh. 8:8) Empa qoba ho kopanyelletsa boitsebiso bo bongata bo sa amaneng le sehlooho. Tlhahlobo e khutšoanyane qetellong ea thuto e tla se thusa ho hopola lintlha tsa sehlooho.

5 Re thaba hakaakang ho bona ba bacha ba beha litholoana tse lokileng thorisong ea Jehova! (Bafil. 1:11) E le hore u ka ba thusa ho finyella pakane eo, lokisetsa hantle nako e ’ngoe le e ’ngoe ha u il’o khanna thuto.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela