Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Nov. 15
“Batho ba bangata ba batla ho phela hantle ’meleng ’me ba phele halelele. Haeba ho ne ho ka khoneha, na u ne u ka rata ho phela ka ho sa feleng? [Emela karabo. Ebe u bala Johanne 17:3.] Makasine ena e tšohla tšepiso ea Bibele ea bophelo bo sa feleng. E boetse e bontša hore na bophelo bo tla ba joang ha tšepiso eo e phethahala.”
Molula-Qhooa Dec. 1
“Tšobotsi e ’ngoe e khethollang batho ho liphoofolo ke ho khona ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. Ka masoabi, batho ba bangata ba etsa lintho tse mpe. U nahana hore ke hobane’ng ha ho le joalo? [Emela karabo. Ebe u bala Jeremia 17:9 kapa Tšenolo 12:9.] Makasine ena e bontša se ka re thusang ho tseba le ho etsa se nepahetseng.”
Tsoha! Dec. 8
“Tsoelo-pele ea theknoloji ha e e-s’o fetole tlhoko eo motho a nang le eona ea ho ba le metsoalle. Empa na u hlokometse hore liphetoho tse bang teng sechabeng li ka etsa hore mehleng ena ho be thata ho hlaolela setsoalle se haufi? [Emela karabo. Ebe u bala Liproverbia 18:24.] Makasine ena e bontša kamoo re ka etsang metsoalle ea ’nete le ho lula re e-na le eona.”
Nehelano e ’ngoe: “Lilemong tse 20 tse fetileng, ho ’nile ha etsoa tsoelo-pele e khōlō kutloisisong le phekolong ea AIDS. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba e-na le maikutlo a fosahetseng. [Mo bontše lebokose la sehlooho se reng “Mashano a Tloaelehileng ka AIDS,” ’me u emele karabo.] Makasine ena e bontša kamoo batsoali ba ka sireletsang bana ba bona kateng.” Bala Deuteronoma 6:6, 7.