Kemiso ea Lelapa—Tšebeletso ea Tšimo ea Lelapa
1 Jehova o thabela ho bona bacha ba rorisa lebitso la hae. (Pes. 148:12, 13) Mehleng ea Jesu esita le ‘bana le ba anyang ba ile ba fana ka thoriso’ ho Molimo. (Mat. 21:15, 16) Kajeno ho etsahala se tšoanang. Batsoali, le ka thusa bana ba lōna joang hore ba hōle e le barorisi ba chesehang ba Jehova tšebeletsong ea Bokreste? Joalokaha ho hatisitsoe sehloohong se ka holimo se buang ka liboka tsa phutheho, taba ea bohlokoa e sa ntse e le mohlala oa lōna. Ntate e mong o ile a bua maikutlo a batsoali ba bangata ha a re: “Bana ha ba nke taba ea molomo; empa ba etsisa seo u se etsang!”
2 Morali e mong oabo rōna ea hōlisitsoeng ke batsoali ba tšabang Molimo o ile a hopola: “Ha re ne re tsoha hoseng ka Moqebelo, re ne re sa ipotse hore na re ee tšebeletsong kapa che. Re ne re tseba hore re ea tšebeletsong.” Ka ho tšoanang, u ka ruta bana ba hao kamoo mosebetsi oa ho bolela o leng bohlokoa kateng ka ho ba le kemiso e tsitsitseng ea beke le beke ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le le lelapa. Sena ha se etse feela hore bana ba hao ba ithute ka ho u sheba empa hape se u thusa hore u hlokomele boikutlo ba bona, mekhoa le tsebo ea bona e ntseng e hōla.
3 Koetliso e Tsoelang Pele: E le hore bana ba thabele tšebeletso, ho hlokahala hore ba hlomelloe ho kopanela ho eona ka katleho. Morali’abo rōna ea qotsitsoeng pejana o ile a boela a re: “Ho ne ho se mohla re hohobang feela ka mor’a batsoali ba rōna re ba felehetsa ha ba etsa mosebetsi oa bona. Re ne re tseba hore le rōna re tla etsa ho itseng, esita le haeba e ne e le ho kokota feela le ho siea sememo. Ka ho lokisetsa esale pele mesebetsi ea mafelo a beke e ’ngoe le e ’ngoe, re ne re tseba seo re tla se bua.” U ka koetlisa bana ba hao joalo ka hore beke le beke u nke metsotso e seng mekae u ba hlomella bakeng sa tšebeletso, ebang ke nakong ea thuto ea lelapa kapa ka nako e ’ngoe.
4 Ho bolela hammoho le le lelapa ho u fa monyetla o eketsehileng oa ho kenya ’nete ka botebo ho bana ba hao. Ntate e mong oa Mokreste o ne a tsamaea le morali oa hae lik’hilomithara tse leshome ho ea feela, a il’o abela baahi ba motse o mong o phuleng lipampitšana. Morali eo o hopola seo ka thabo o re: “Ntate o ile a kenya ’nete ka botebo pelong ea ka nakong ea maeto ao.” (Deut. 6:7) E se eka le uena ka ho tšoanang u ka hlohonolofaletsoa ho etsa hore tšebeletso ea tšimo e be karolo ea kemiso ea beke le beke ea lelapa la hao.