Thusa Bana ba Hao Hore ba Tsoele Pele Tšebeletsong
1 Batsoali ba Bakreste ba na le boikarabelo bo tebileng ba ho koetlisa bana ba bona tšebeletsong ba sa le banyenyane. Sena se ka etsoa ka litsela tse ngata. Bana ba bang ba khona ho pheta litemana tse loketseng tsa Bibele ka hlooho esita le pele ba tseba ho bala. Sena se ka ba le phello e matla ho ba mametseng. Ha bana ba ntse ba hōla-hōla, ba ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong. Batsoali, le ka thusa bana ba lōna joang hore ba be le seabo ho faneng ka bopaki? Mohlomong litlhahiso tse latelang li ka le thusa haholoanyane.
2 Ka mor’a ho lumelisa, u ka ’na ua re:
2◼ “Ho na le lengolo la bohlokoa leo mor’aka mona, [bolela lebitso la hae], a ka ratang hore u le utloe.” Ngoana oa hao a ka ’na a re: “Lengolo lena la Lipesaleme le nthutile lebitso la Molimo. [Ngoana o bala Pesaleme ea 83:18 kapa o e pheta ka hlooho.] Limakasine tsena li bua ka seo Jehova Molimo a tlang ho re etsetsa sona. Na nka u siela tsona?” U ka phethela puisano ka ho hlalosa kamoo mosebetsi oa lefatše lohle o tšehetsoang kateng.
3 Kapa u ka ’na ua leka mokhoa ona:
3◼ “Lumela. Ke ntse ke koetlisa morali’aka mona, [bolela lebitso la hae], hore a bontše ho tsotella batho ba bang sechabeng. A ka rata ho u bolella molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele.” Morali a ka ’na a re: “Tsela e ’ngoe eo ke ratang ho thusa batho ka eona ke ho ba bolella tšepo ea Bibele bakeng sa nako e tlang. [Ngoana o bala Tšenolo 21:4 kapa o e pheta ka hlooho.] Limakasine tsena li hlalosa lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla re etsetsa tsona. Ke nahana hore u tla thabela ho li bala.”
4 Ho sebelisa nehelano e bonolo kamehla ho thusa bana hore ba be sebete ha ba bolela molaetsa oa ’Muso. Mananeo a ho itlhakisa a lebisitseng tlhokomelo tabeng ea ho bua ka mokhoa o hlakileng le ka lentsoe le utloahalang hantle, a tla ba hlomella hore ba khone ho bua maemong a sa tšoaneng. Ho lokisetsa hantle esale pele le ho ba babatsa ho tsoa pelong, ho tla thusa bana hore ba hlalose tumelo ea bona.
5 Ka lebaka la khothatso e joalo, bana ba bangata ba ile ba tšoaneleha hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ho thabisa hakaakang ho bona bana ba rōna ba tsoela pele tšebeletsong ea Bokreste!—Pes. 148:12, 13.