Bolelang Khanya ea Jehova
1 Mopesaleme o ile a re: “Binelang Jehova, lōna batho bohle ba lefatše. . . . Bolelang khanya ea hae har’a lichaba, le bolele mesebetsi ea hae e hlollang har’a batho bohle.” Ha re ntse re nahanisisa ka seo Jehova a re etselitseng sona, a re etsetsang sona le seo a sa ntseng a tla re etsetsa sona, lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho bolela khanya ea hae.—Pes. 96:1, 3.
2 Tšebeletsong ea Rōna: Lipaki Tsa Jehova li fuoe tlotla ea hore li phatlalatse lebitso la Molimo le ho le rorisa phatlalatsa lefatšeng lohle. (Mal. 1:11) Li fapane hakaakang le baruti ba Bokreste-’mōtoana, bao ka ho hloka tlhompho ba tlosang lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele! Mosebetsi oa ho tsebahatsa lebitso la Molimo o potlakile, kaha batho ba tlameha ho ipiletsa lebitsong leo ka tumelo e le hore ba pholohe matšoenyeho a maholo a tlang. (Bar. 10:13-15) Ho feta moo, khotso ea bokahohle, ho akarelletsa le khotso har’a baahi ba lefatše, e itšetlehile ka ho halaletsoa ha lebitso la Molimo. Ka sebele, mesebetsi eohle ea Molimo e amana le lebitso la hae.
3 “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo.” Empa e le hore batho ba ‘ise ho Jehova khanya e tšoanelang lebitso la hae,’ ba lokela ho tseba ’nete ka eena. (Pes. 96:4, 8, Bibele ea Sesotho) Leha ho le joalo, ba bang ba latola hore Molimo o teng. (Pes. 14:1) Ba bang ba mo senya lebitso ka hore ha a na matla, kapa ba bolela hore ha a thahaselle litaba tsa moloko oa batho. Ha re ntse re thusa ba lipelo li tšepahalang ho ba le tsebo e nepahetseng ka ’Mōpi oa rōna, merero ea hae le botho ba hae bo ratehang, re tlotlisa Jehova.
4 Ka Boitšoaro ba Rōna: Ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Jehova tse lokileng hoa mo tlotlisa. Batho ba hlokomela boitšoaro ba rōna bo botle. (1 Pet. 2:12) Ka mohlala, ha batho ba bang ba bona re hloekile re bile re le makhethe ba ka ’na ba re babatsa, e leng se re fang monyetla oa ho buisana le bona ka melemo ea ho phela tumellanong le melao-motheo ea Lentsoe la Molimo. (1 Tim. 2:9, 10) Re thaba hakaakang ha ba bang ‘ba bona mesebetsi ea rōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a rōna ea maholimong’!—Mat. 5:16.
5 Letsatsi le letsatsi a re tlotliseng Molimo oa rōna ea babatsehang ka mantsoe le ka liketso, ka tsela eo re arabeleng boipiletsong bona bo etsoang ka thabo: “Binelang Jehova, le boke lebitso la hae. Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae.”—Pes. 96:2.