Re ka Thusa Joang?
1 Potso e reng “Re ka thusa joang?” e atisa ho botsoa ke Lipaki Tsa Jehova ha li utloa ka koluoa e hlahileng karolong e itseng ea lefatše. Joalokaha tlaleho e ho Liketso 11:27-30 e bontša, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba phallela barab’abo rōna ba lulang Judea ka lebaka la tlala e khōlō e neng e ba oetse.
2 Mehleng ea kajeno, melao ea mokhatlo o hlophisitsoeng e lumeletse hore ho sebelisoe chelete mosebetsing oa ho thusa bahloki le ho phallela ba mahlomoleng ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho le linakong tse ling tseo ho hlokahalang thuso ka tsona.
3 Ka mohlala, selemong se fetileng barab’abo rōna ba ile ba fana ka monehelo oa ho thusa ba oetsoeng ke koluoa ea tsunami Asia Boroa. Karabelo ena e tlohang pelong e bontšoang ka menehelo e romeloang matlōleng a liphallelo a mokhatlo o hlophisitsoeng e ile ea ananeloa haholo. Leha ho le joalo, ha ho boletsoe hore menehelo ke ea koluoa e itseng ka ho khetheha, linaheng tse ling ho hlokahala hore e sebelisetsoe feela merero e bontšitsoeng ke mofani ’me e beheloa nako ea hore e sebelisoe, ebang barab’abo rōna ba sebakeng seo ba fumane seo ba se hlokang kapa che.
4 Ka lebaka leo, ho khothalletsoa hore menehelo ea liphallelo e etsoe bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Letlōle lena le sebelisoa bakeng sa liphallelo hammoho le ho ntšetsa pele litlhoko tsa moea tsa barab’abo rōna ba Bakreste. Haeba ka lebaka le itseng, motho a rata ho ntša monehelo oa liphallelo a sa o kopanye le oa mosebetsi oa lefatše lohle, o tla ’ne o ananeloe ’me o tla sebelisoa hohle moo ho hlokahalang thuso ea liphallelo. Leha ho le joalo, ho ka ananeloa haeba menehelo e joalo e fanoa ho sa boleloe ka ho toba hore na e sebelisoe hokae kapa ka tsela efe.
5 Ho lebisa menehelo ea rōna mosebetsing oa lefatše lohle ho etsa hore ho be le chelete e eketsehileng e ka sebelisoang litšobotsing tsohle tsa mosebetsi oa ’Muso ho e-na le hore e bolokeloe likoluoa tsa nakong e tlang. Sena se tumellanong le moea o ho Baefese 4:16, oa hore re sebetse hammoho ho fana ka se hlokahalang hore ho be le “khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.”