Ruta ba Bonolo ho Tsamaea Tseleng ea Molimo
1. Ho etsa barutuoa ho akarelletsa eng?
1 Ho ile ha thoe barutuoa ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo ke ba “Tsela Eo.” (Lik. 9:2) Bokreste ba ’nete bo ama tsela eohle ea motho ea bophelo. (Liprov. 3:5, 6) Kahoo, ha re khanna lithuto tsa Bibele, ha hoa lekana hore re rute batho bao tsebo e nepahetseng ea lithuto tsa Bibele. Re boetse re lokela ho thusa liithuti tsa Bibele ho tsamaea tseleng ea Jehova.—Pes. 25:8, 9.
2. Ke eng e ka susumelletsang seithuti sa Bibele ho boloka litaelo tsa Molimo?
2 Li Thuse ho Rata Jehova le Jesu: Ruri ho thata hore batho ba sa phethahalang ba lumellanye menahano, maikutlo, lipuo le boitšoaro ba bona le thato ea Molimo! (Bar. 7:21-23; Baef. 4:22-24) Leha ho le joalo, ho rata Molimo le Mora oa hae ho susumelletsa batho ba bonolo ho nka mohato ona o thata. (Joh. 14:15; 1 Joh. 5:3) Re ka thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele joang hore li be le lerato la mofuta oo?
3. Re ka thusa liithuti joang hore li rate Jehova le Jesu?
3 Thusa motho eo u ithutang le eena hore a tsebe hore na Jehova ke motho oa mofuta ofe. Morab’o rōna e mong o ile a re: “Batho ba ke ke ba rata motho eo ba sa mo tsebeng, ka hona ho tloha qalong feela ea thuto, ke ba ruta lebitso la Molimo ka Bibeleng, ’me ke batla menyetla ea ho hatisa litšoaneleho tsa Jehova.” Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa joalo ke ka ho totobatsa mohlala oa Jesu. (Joh. 1:14; 14:9) Ho feta moo, sebelisa lebokose la tlhahlobo le qetellong ea sehlooho ka seng sa buka ea Seo Bibele e se Rutang ho thusa seithuti hore se nahanisise ka litšoaneleho tse babatsehang tsa Molimo le tsa Mora oa hae.
4. (a) Ke hobane’ng ha liithuti tse ngata li fumana ho le thata ho bolela? (b) Re ka thusa liithuti tsa rōna joang ha li qala ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste?
4 Li Rute ka Mohlala oa Hao: Joaloka mesuoe le batataisi, re bontša ba bang ka liketso tsa rōna hore na ho tsamaea tseleng ea Molimo ho bolela eng. (1 Bakor. 11:1) Ka mohlala, liithuti tse ngata tsa Bibele ha lia tloaela ho bolella batho bao li sa ba tsebeng hore na li lumela eng. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala mamello le tsebo ho li thusa ho ba le lerato, tumelo le sebete se hlokahalang hore li kopanele mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (2 Bakor. 4:13; 1 Bathes. 2:2) Takatso ea ho tataisa liithuti tsa rōna e tla re susumelletsa ho tsamaea le tsona ha li qala ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste.
5. Mohlala o motle o thusa liithuti joang ho hlokomela hore na ho latela litaelo tsa Molimo ho bolela eng?
5 Mohlala oa hao o ka rupela liithuti likarolong tse ling tsa bohlokoa tsa bophelo ba Bokreste. Ha u etela batho ba kulang kapa u lumelisa batho ka mofuthu libokeng tsa phutheho, li bona lerato le bontšoang ka liketso. (Joh. 15:12) Ha u kopanela tlhoekisong ea Holo ea ’Muso kapa u thusa ba bang ka lintho tse itseng, u li ruta ho sebeletsa. (Joh. 13:12-15) Ha li bona u phela bophelo bo sa rarahanang, lia utloisisa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe ‘re ’ne re batle ’muso pele.’—Mat. 6:33.
6. Ho thusa ba bonolo ho sebeletsa Jehova ho ba le liphello life?
6 Mosebetsi oa ho ruta ba bang ka Lentsoe la Molimo le oa ho etsa barutuoa o hloka hore batho ba etse boiteko bo boholo. Empa ruri hoa thabisa ho bona ba bonolo “ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng”!—3 Joh. 4.