Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/06 leq. 8
  • Na U ka Feto-fetola Kemiso ea Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Feto-fetola Kemiso ea Hao?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ka Kopanela Mosebetsing oa ho Paka Mantsiboea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Na U Kile ua Leka Bopaki ba Mantsiboea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Lihoreng tsa Mantsiboea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ho Batla ba Tšoanelehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 4/06 leq. 8

Na U ka Feto-fetola Kemiso ea Hao?

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho feto-fetola kemiso ea rōna ea mosebetsi oa ho bolela?

1 Re le Bakreste ba ’nete, re amohetse memo ea ho ba “batšoasi ba batho.” (Mat. 4:19) E le hore re atlehe haholoanyane mosebetsing oa ho tšoasa batho, re lokela ho ba joaloka batšoasi ba litlhapi, re hlophise nako ea rōna hore re pakele batho nakong eo ba fumanehang ka eona. Batho ba bangata ba ba malapeng ha letsatsi le ea malikelong le ha shoalane e tšoara. Hangata, ba ee be ba iketlile ebile ba ka ’na ba thabela ho amohela baeti. Na u ka feto-fetola kemiso ea hao hore u bolele litaba tse molemo ka linako tseo?—1 Bakor. 9:23.

2. Re ka sebelisa litsela life tse ling ho finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo?

2 Ho Paka Mantsiboea: Ho hlophisa esale pele e le hore re pake mantsiboea ho ka ’na ha re thusa ho bolella batho ba eketsehileng litaba tse molemo. (Liprov. 21:5) Bacha ba ka ’na ba khona ho bolela litaba tse molemo ha ba tsoa sekolong. Ba bang ba ka ’na ba khona ho etsa joalo ha ba chaisa mosebetsing. Lihlopha tse ling tsa thuto ea buka li ka ’na tsa hlophisetsa ho qeta hora boboleling pele thuto ea beke le beke e qala.

3. U ka sebelisa litsela life ho bolela mantsiboea le ha shoalane e tšoara tšimong ea heno?

3 Ho bolela ka ntlo le ntlo ha letsatsi le ea malikelong le ha shoalane e tšoara ho ka ’na ha etsa hore re qetelle re bua le batho bao hangata ba sa fumaneheng malapeng. Masimong a mangata, mosebetsi oa seterateng le mefuta e meng ea ho paka phatlalatsa le eona e ka etsoa mantsiboea. Hape ba bangata ba hlokometse hore mantsiboea ke nako e molemo ea ho etsa maeto a ho boela le ho qalisa lithuto tsa Bibele.

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be le temoho ’me re nahanele batho ha re paka mantsiboea?

4 Ho Hlokahala Temoho: Ho hlokahala hore re be le kahlolo e molemo ha re paka mantsiboea. Hangata, ho molemo hore re pake lihoreng tsa ha shoalane e tšoara feela, ho e-na le hore re etele beng ba matlo nakong eo e ka ’nang eaba ba itokisetsa ho robala. (Bafil. 4:5) Ha u kokota monyako, emella moo u hlaheletseng, ’me u bolele ka ho hlakileng hore na u mang. Bolela ntle ho tšenyo ea nako hore na u etile ka morero ofe. Haeba u fihlile ka nako e mpe, mohlomong ka nako eo lelapa le ntseng le e-ja, kōpa ho khutla ka nako e ’ngoe. Ka linako tsohle u nahanele batho ba bang.—Mat. 7:12.

5. Re ka qoba maemo a ka ’nang a e-ba kotsi joang ha re le boboleling?

5 Hape ho hlokahala hore re hlokomele maemo a ka ’nang a e-ba kotsi. Haeba le paka ho se ho le lefifi, ke bohlale hore le tsamaee ka bobeli kapa ka lihlopha. Tsamaeang literateng tse khantšitsoeng hantle ’me le se ke la tsamaella hōle le ba bang. Pakang feela libakeng tseo le ikutloang le sireletsehile ho tsona. Qobang libaka tseo e ka ’nang eaba ha lia sireletseha ha ho se ho le lefifi.—Liprov. 22:3.

6. Ho paka ha letsatsi le ea malikelong le ha shoalane e tšoara ho ka ba le molemo ofe o eketsehileng?

6 Ho paka ha letsatsi le ea malikelong le ha shoalane e tšoara ho ka re fa monyetla oa ho bua le batho ba bangata ka litaba tse molemo. Ho ka boetse ha re fa monyetla oa ho sebetsa le bo-pula-maliboho ba thusang le ba kamehla. (Bar. 1:12) Na u ka feto-fetola kemiso ea hao hore u kopanele tšebeletsong ea mofuta oo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela