Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/07 maq. 3-5
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 2/07 maq. 3-5

Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova

1. Ke eng e re susumelletsang ho bolela hohle makhabane a hlomphehang a Jehova?

1 “Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao.” (1 Likron. 29:11) Lerato le kananelo ea rōna ho Jehova li re ama joang? Li re susumelletsa ho ‘bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea re bitsitseng ho re ntša lefifing ho re kenya leseling la hae le hlollang.’ (1 Pet. 2:9) Re ke ke ra khaotsa ho bolella batho ba bang ka Molimo oa rōna ea phahameng! Khoeling ea March, April le May, re tla ba le menyetla e metlehali ea ho bolela makhabane a hlomphehang a Jehova.

2. Ho lokiselitsoe phutuho efe ea ho phatlalatsa Sehopotso, hona ke bo-mang ba ka kopanelang?

2 Phutuho e Khethehileng ea ho Phatlalatsa Sehopotso: Ka Mantaha oa la 2 April, re tla totobatsa makhabane a hlomphehang a Jehova ka ho tšoara tšebeletso ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Ho tloha ka la 17 March ho fihlela ka la 2 April sememo se khethehileng se tla tsamaisoa lefatšeng lohle ho memela batho ketsahalong ena ea bohlokoa. Ho khothalletsoa bohle hore ba ikakhele ka setotsoana. Ena e ka ba nako e ntle haholo ea hore ba sa tsoa thahasella ba qale ho bolela litaba tse molemo haeba ba tšoaneleha. Haeba u na le liithuti tsa Bibele kapa bana ba ka ’nang ba tšoaneleha, atamela baholo u bue le bona.

3. Re ka re’ng ha re memela batho Sehopotsong?

3 Phutuho ena e tla tšoana le e ileng ea etsoa nakong ea Likopano Tsa Setereke Tsa “Topollo e Atametse!” Liphutheho li tla romeloa limemo tse lekaneng e le hore mohoeletsi ka mong a ka fumana tse 30, ’me bo-pula-maliboho ba tla ekelletsoa ka tse setseng. Beha litaba ka bokhutšoanyane, ebe u re: “Ka setlankane sena re u memela ketsahalong ea bohlokoa e atamelang e tšoaroang selemo le selemo. U tla amoheloa ka mofuthu. Lintlha tse eketsehileng li setlankaneng sena.” Ho hlakile hore haeba mong’a ntlo a e-na le lipotso, u ka lula nakoana hore u arabe lipotso tsa hae. Boitsebiso bo hlahang sehlomathisong se qalang leqepheng la 206 la buka ea Seo Bibele e se Rutang bo ka mo thusa ntlheng ena. Nakong ea mafelo-beke re tla tsamaisa limakasine tsa morao-rao hammoho le sememo se khethehileng. Ngola tlaleho ea batho leha e le bafe ba thahasellang ’me u lokisetse ho khutlela ho bona.

4. Limemo tse khethehileng tsa Sehopotso li tla tsamaisoa joang?

4 Ha ho khoneha, mong’a ntlo o lokela ho fuoa sememo sena se khethehileng letsohong. Ka lebaka leo, ngola matlo ao u sa fumanang batho ho ’ona ’me u leke ho khutla hamorao. Liphutheho tse nang le limemo tse ngata haholo tse setseng, li ka li siea matlong ao ho sa fumanoeng batho ho ’ona bekeng e etellang Sehopotso pele, e seng pele ho moo. Tiisa hore batho bao u etsang maeto a ho boela ho bona, liithuti tsa Bibele, beng ka uena, basebetsi-’moho le uena, baahelani le batho ba bang bao u ba tloaetseng ba fumana sememo.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho qala hona joale ho etsa litokisetso tsa ho ba bo-pula-maliboho ba thusang?

5 Bopula-Maliboho bo Thusang: Na u ka bolela makhabane a hlollang a Jehova haholoanyane ka ho ba pula-maliboho ea thusang ka March, April le May? Ho etsa joalo ho ka ’na ha hloka hore u fetole kemiso ea hao ea kamehla ka tsela e itseng. (Baef. 5:15-17) U ka kholiseha hore ha u etsa boiteko ba ho finyella ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova u tla thaba ebile Jehova o tla u hlohonolofatsa. (Liprov. 10:22) Kaha nako ea Sehopotso ea atamela, ena ke nako ea ho qala ho etsa litokisetso.—Liprov. 21:5.

6. Re ka ithuta’ng phihlelong ea morali’abo rōna e mong ea lilemo li 90 eo e ileng ea ba pula-maliboho ea thusang selemong se fetileng?

6 Selemong se fetileng morali’abo rōna e mong ea lilemo li 90 o ile a ba le monyetla oa ho ba pula-maliboho ea thusang. O itse: “Le hoja ke thabela ho lokisa serapa sa ka ’me ke ne ke batla ho qala ho lema, ke ile ka elelloa hore ho hlokahala hore ke etelletse lintho tsa bohlokoa pele. Ka lebaka la takatso ea ho etelletsa mesebetsi ea ’Muso pele, ke ile ka etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ea thusang ka March.” Na o ile a hlohonolofatsoa ka lebaka la boiteko ba hae? O re, “Ke ikutloa ke le haufi le phutheho, ’me sena se nkatamelitse haufi le Jehova.” Na re ka hlahloba lintho tse tlang pele bophelong ba rōna ebe re etsa liphetoho tse tšoanang ha ho hlokahala?

7. Na ho thata ho ba pula-maliboho ea thusang?

7 Ho finyella pakane ea lihora tse 50 tse hlokahalang ho bo-pula-maliboho ba thusang ho ka ’na ha se be thata joalokaha u nahana. Rapella tataiso ha u nahana ka mesebetsi ea hao ea letsatsi le letsatsi, etsa kemiso ebe u e ngola almanakeng ea hao ea lintho tsa moea. Ke uena ea tsebang maemo a hao hantle. Haeba u fokolloa ke bophelo ’me u khathala kapele, mohlomong u ka sebetsa lihora tse seng kae tšebeletsong letsatsi ka leng. Haeba u etsa mosebetsi oa nako e tletseng kapa u kena sekolo, u ka ’na ua ba pula-maliboho ea thusang ka ho ea tšebeletsong mantsiboea kapa ka mafelo-beke.

8. Ke eng e ileng ea thusa banyalani ba bang hore e be bo-pula-maliboho ba thusang?

8 Ba bangata ba khonne ho ba bo-pula-maliboho ba thusang e le lelapa. Lilemong tse fetileng banyalani ba bang ba ne ba le leqe ho ba bo-pula-maliboho hobane ba ne ba nahana hore maemo a bona a ke ke a ba lumella ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Ba ile ba etsa’ng ka seo? Ba re: “Re ile ra rapela Jehova hore a re thuse ho etsa seo ka nako e telele re neng re lakalitse ho se etsa re le ’moho.” Kaha ba ile ba hlophisa lintho hantle, ba ile ba khona ho finyella pakane ea bona. Ba ile ba phaella ka ho re: “Monate o mokaalo! Re ile ra hlohonolofatsoa haholo. Keletso ea rōna ke ho re, metsi a lekoa ka lere. Haeba re atlehile, le uena u ka ’na ua atleha.”

9. Le ka ’na la etsa’ng nakong e tlang ha le e-na le thuto ea lelapa e le ho itokisetsa likhoeli tse tlang tsa tšebeletso e khethehileng?

9 Thutong ea lōna e latelang ea lelapa le ka behella nako ka thōko bakeng sa ho tšohla tsela eo ka eona kaofela ha lōna le ka sebetsang haholoanyane likhoeling tsena tse tlang. Esita le haeba e se litho tsohle tsa lelapa tseo e ka bang bo-pula-maliboho ba thusang, mohlomong setho se le seng se ka bula maliboho haeba litho tse ling li ka se thusa le ho se tšehetsa. Haeba ho sa khonehe, mohlomong lelapa le ka ipehela lipakane tsa ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong likhoeling tsena tse khethehileng tsa tšebeletso.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua le batho ba bang ka takatso ea rōna ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang nakong ee ea Sehopotso?

10 Thusanang: Motho ea chesehang a ka susumetsa ba bang hore ba chesehe. Bua le batho ba bang ka takatso ea hao ea ho ba pula-maliboho ea thusang. Seo se ka ’na sa khothalletsa ba bang ho ingolisa. Ho phaella moo, ba kileng ba bula maliboho nakong e fetileng ba ka ’na ba u fa likeletso tse tla u thusa ho hlophisa maemo le kemiso ea hao e le hore u finyelle pakane ea hao. (Liprov. 15:22) Haeba u khona ho ba pula-maliboho ea thusang, ke hobane’ng ha u sa kōpe mohoeletsi e mong, mohlomong motho eo maemo a hae a tšoanang le a hao, hore a kenele tšebeletso ee e thabisang le uena?

11. Ke joang baholo ba ka khothalletsang moea oa ho chesehela bopula-maliboho bo thusang likhoeling tse tlang?

11 Baholo ba bangata ba etsa litokisetso tse hlokahalang tsa ho kenela karolo ena e khethehileng ea tšebeletso. (Baheb. 13:7) Ka sebele sena se khothatsa phutheho! Baholo ba ka boela ba hlohlelletsa ba bang hore ba chesehe ha ba buisana le bona. E ka ’na eaba bahoeletsi ba bang ba itlhokela feela mantsoe a seng makae a khothatso kapa likeletso tseo ba ka li sebelisang ka katleho e le hore e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang. Molebeli oa tšebeletso a ka lokisetsa hore ho tšoaroe liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo e le hore bohle ba ka ea tšebeletsong e le sehlopha, ebang ke ha ba chaisa mosebetsing kapa ha ba tsoa sekolong, ’me a ka lokisetsa hore ho etsoe litsebiso khafetsa. O tla boela a etse bonnete ba hore batho bohle ba na le tšimo le lingoliloeng tse lekaneng.

12. U ka ’na ua khona ho etsa’ng haeba u sa khone ho ba pula-maliboho ea thusang?

12 Esita le haeba maemo a u thibela ho ba pula-maliboho ea thusang, u ka khothatsa ba khonang ho bula maliboho ua ba ua ba rapella. (Liprov. 25:11; Bakol. 4:12) Mohlomong u ka ’na ua etsa litokisetso tsa ho sebetsa le bona tšebeletsong ka letsatsi le eketsehileng har’a beke kapa ho sebetsa le bona nako e teletsana.

13. Linaha tse ka tlas’a lekala la Afrika Boroa li behetsoe pakane efe, hona phutheho ea heno e ka thusa joang hore e finyelloe?

13 Pakane ea Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 14 000 ka April: Tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa ea bo-pula-maliboho ba thusang linaheng tse ka tlas’a lekala la Afrika Boroa e ne e le 11 214. (Ba 10 126 Afrika Boroa, ba 270 Botswana, ba 326 Lesotho, ba 183 Namibia, ba 18 St. Helena le ba 291 Swaziland) Kahoo, pakane e ka finyellehang khoeling ea April ke ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 14 000. (Ba 12 480 Afrika Boroa, ba 275 Botswana, ba 550 Lesotho, ba 250 Namibia, ba 20 St. Helena le ba 425 Swaziland) Re ka finyella pakane eo haeba ka karolelano mohoeletsi a le mong ho ba bang le ba bang ba tšeletseng ba phutheho ka ’ngoe e ka ba pula-maliboho ea thusang. Ke ’nete hore liphuthehong tse ling ho tla ba le bahoeletsi ba bangata bao maemo a bona a tlang ho ba lumella ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Liphutheho tse ngata li ka khona ho finyella pakane e joalo habonolo. Ak’u inahanele hore na sena se ka tsosa phutheho ea heno molota hakae le hore na mosebetsi oa boboleli o tla ba le liphello tse thabisang hakaakang!

14. Ke hobane’ng ha April e le khoeli e ntlehali ea ho ba pula-maliboho?

14 Ke hobane’ng ha April e le khoeli e ntle ka ho fetisisa ea ho ba pula-maliboho ea thusang? Sehopotso se tla be se le qalong ea khoeli, e leng se tla re fa monyetla oa ho etsa maeto a ho boela ho ba bileng teng. Re tla be re tsamaisa limakasine ka sepheo sa hore ha re etsa maeto a ho boela re siee buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me re qalise lithuto tsa Bibele. Ka la 14 April e tla be e le Letsatsi la Limakasine le khethehileng Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani. Ka hona, ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April, ho tla re fa menyetla e mengata ea ho qalisa lithuto tsa Bibele. Hangata ka April boemo ba leholimo ha bo bobe hakaalo. Ho feta moo, khoeli ea April e na le Lisontaha tse hlano le matsatsi a phomolo, e leng se nolofalletsang ba sebetsang le ba kenang sekolo ho ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang.

15. Ha nako ena ea Sehopotso e ntse e atamela, ke hobane’ng ha re lokela ho elelloa hore metsotso e jele babeli?

15 Nako e ’ngoe le e ’ngoe ea Sehopotso e fetang e re atametsa haufi le qetello ea tsamaiso ena ea lintho ka selemo se le seng. Nako e setseng ea ho bolella batho ba bang ka Molimo oa rōna ea phahameng e fokotsehile. (1 Bakor. 7:29) Hang ha nako ena ea Sehopotso e fetile, monyetla o babatsehang oo e re fileng oona oa ho rorisa Ntate oa rōna oa leholimo o tla be o fetetse ruri. E se eka hona joale re ka etsa litlhophiso tsa ho etsa sohle se matleng a rōna e le hore re ka bolela makhabane a hlomphehang a Jehova khoeling ea March, April le May!

[Lebokose le leqepheng la 4]

Na re ka ba le Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 14 000 ka April?

◼ Hlahloba lintho tse tlang pele bophelong ba hao

◼ Tšohlang lipakane tsa lōna le le lelapa

◼ Bua le batho ba bang ka merero ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela