Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/07 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 6/07 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa June 15

“Na u hlokometse hore kajeno batho ba bangata ba ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng mahlong a bona? [Emela karabo.] Ak’u utloe mohlala oa tataiso ena e sa siuoeng ke nako e fanoang ke Bibele. [Bala lengolo le hlahang lebokoseng le leqepheng la 6-7.] Makasine ena e hlalosa kamoo re ruang molemo kateng ha re sebelisa melao ea boitšoaro ea Bibele.”

Tshoa! June

“Kaofela ha rōna re hloka chelete hore re phele. Na u nahana hore ho ka etsahala hore motho a amehe ho feta tekano ka ho etsa chelete? [Emela karabo.] Hlokomela se boleloang mona mabapi le se etsahalang ha motho a lelekisa maruo. [Bala 1 Timothea 6:10.] Makasine ena e fana ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le hore na motho a ka nolofatsa bophelo ba hae joang le hore a iphelele ka chelete e fokolang.”

Molula-Qhooa July 1

“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba tšoaroa hampe hobane feela e le ba morabe o mong kapa ba sechaba se seng kapa hobane feela ba bua puo e ’ngoe? [Emela karabo.] Hlokomela lebaka le boleloang mona. [Bala 1 Johanne 4:20.] Makasine ena e araba potso e reng, Na ho ka etsahala hore merabe e sa tšoaneng e phelisane ka khotso?”

Tshoa! July

“Ho fapana le liphoofolo tse etsang lintho ho ea ka bohlale ba tlhaho, batho ba na le matla a ho khetha melao eo ba tla phela ka eona. U nahana hore ke hokae moo re ka fumanang tataiso e tšepahalang? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 119:105.] Makasine ena e hlalosa kamoo tataiso ea Bibele e phahameng kateng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela