Ho Hopola Thekollo le ho e Ananela
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola thekollo le ho e ananela?
1 Bakreste lefatšeng ka bophara ba tla bokana ka Moqebelo oa la 22 March, 2008 ka mor’a hore letsatsi le likele, ’me ba ikhopotse lefu la Jesu Kreste hobane ba mamela taelo ea Jesu. (Luka 22:19; 1 Bakor. 11:23-26) Re etsa joalo hobane re ananela ka botebo sohle se finyeletsoeng ka letsatsi leo lilemong tse 1 975 tse fetileng. Ka ho lula a tšepahala ka botlalo ha a bolaoa thupeng ea tlhokofatso, Jesu o ile a halaletsa lebitso la Ntate oa hae, a araba liqoso tsa Satane ka tsela e molemo ka ho fetisisa.—Jobo 1:11; Liprov. 27:11.
2 Mali a Jesu a tšolotsoeng a ile a tiisa selekane se secha, a bula monyetla oa hore batho ba sa phethahalang ba amoheloe e le bara ba Molimo ba lebeletseng ho busa le Kreste ’Musong oa hae o leholimong. (Jer. 31:31-34; Mar. 14:24) Ho feta moo, joalokaha Jesu a ile a hlalosetsa Nikodemase, lerato le tebileng leo Molimo a ratang moloko oa batho ka lona le ile la bonahala ka ho hlaka ha a etsa sehlabelo ka Mora oa hae ea ratoang.—Joh. 3:16.
3. Ba tlileng Sehopotsong ba tla rua molemo ofe?
3 Mema ba Bang: Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea January ho ile ha khothalletsoa hore re ngole lethathamo la batho bao re ba tloaetseng ’me re ba meme ka ho toba. Na u se u qalile ho mema batho ba lethathamong la hao? Na u ntse u lokisetsa ho ikakhela ka setotsoana phutuhong ea ho memela batho Sehopotsong e tla qala ka la 1 March? Bamameli ba tla utloa boitsebiso ba Mangolo bo ka matlafatsang tumelo ea bona thekollong, e leng se tla etsa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Bar. 10:17.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsohella Sehopotsong?
4 Bohle ba khonang ho tsohella Sehopotsong ba lokela ho etsa joalo e le hore ha batho ba menngoeng ba fihla ba ka ba amohela ka mofuthu. Kaha ho tla be ho e-na le batho ba bangata Sehopotsong ho hlokahala hore re hlokomele batho ba bacha hammoho le ba bang ba tlang libokeng nako le nako.
5. U ka lokisa pelo ea hao joang bakeng sa ketsahalo ee?
5 Lokisa Pelo ea Hao: Bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2008 le Almanaka ea 2008 e na le kemiso ea ’malo o khethehileng oa Bibele oa Sehopotso o qalang ka la 17 March. Ho nahana ka liketsahalo tsa bohlokoa tse etsahetseng matsatsing a ho qetela a Jesu lefatšeng, ho tla u thusa ho lokisa pelo ea hao bakeng sa tšebeletso ea Sehopotso. (Esdr. 7:10) Ho rapela le ho thuisa ka litlaleho tsena tsa Bibele ho tla etsa hore u ananele ka botebo lerato leo Jehova le Mora oa hae ba le bontšitseng ka ho fana ka thekollo.—Pes. 143:5.
6. Ho ananela thekollo ho tla re tsoela molemo ofe?
6 Ha Sehopotso se ntse se atamela, e se eka re ka itokisetsa ketsahalo ena ea bohlokoa ka hloko re be re thuse ba bang ho etsa joalo. Ho hopola thekollo le ho e ananela ho tla matlafatsa kamano ea rōna le Jehova le Mora oa hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Hape ho tla re susumelletsa ho ba etsisa ka ho bontša ba bang lerato la boitelo.—1 Joh. 4:11.