Likhopotso Tsa Sehopotso
Baholo ba lokela ho hlokomela lintlha tse latelang ha ba lokisetsa Sehopotso:
◼ Etsang bonnete ba hore litšoantšetso li se ke tsa fetisoa pele letsatsi le likela.
◼ Ho lokela ho fumanoe bohobe le veine ea mofuta o nepahetseng ’me li hlophisoe esale pele.—Bonang Molula-Qhooa oa February 15, 2003, leqepheng la 14-15.
◼ Lipoleiti, linoelo kapa likhalase tsa veine, tafole e loketseng le lesela la tafole li lokela ho tlisoa holong ’me tafole e tekoe esale pele.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng seo ho tla kopaneloa ho sona se lokela ho hloekisoa hantle pele ho nako.
◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa esale pele ’me ba hlalosetsoe mesebetsi ea bona, tlhophiso e lokelang ho lateloa le bohlokoa ba moaparo le boitlhopho bo hlomphehang.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho motlotsuoa ofe kapa ofe ea kulang ’me a sa khone ho ba teng.
◼ Haeba Holo ea ’Muso e tla sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa, li lokela ho sebelisana hantle e le hore ho se ke ha e-ba le tšubuhlellano phasejeng kapa monyako, litseleng le moo likoloi li pakoang teng.
◼ Haeba ho tla kopaneloa sebakeng se seng, etsang bonnete ba hore ho tla ba le libuela-hōle tse loketseng e le hore bamameli bohle ba ka utloa sebui.