Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/08 leq. 3
  • Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Likopano Tsa Setereke—Nako ea ho Rapela ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 8/08 leq. 3

Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba

1. Jehova o hlokomela bahlanka ba hae joang ka lintho tseo ba li hlokang moeeng?

1 Ka lerato Jehova o hlokomela bahlanka ba hae ka lintho tseo ba li hlokang moeeng. Le hoja lefatše ka kakaretso le lapile moeeng, ruri rōna re feptjoa ka tsela e babatsehang. (Esa. 65:13) Tsela e ’ngoe eo Jehova a re fepang ka eona moeeng ke ka likopano tsa setereke tsa selemo le selemo. Na u ntse u etsa litlhophiso tsa ho ba teng lenaneong lohle la Kopano e tlang ea Setereke ea “Re Tataisoa ke Moea oa Molimo”? Re lokiselitsoe lijo tsa moea tse hlabosang le tse hahang.

2. Ho lokisetsa kopano esale pele ho hloka eng?

2 Lokisetsa Esale Pele: “Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” (Liprov. 21:5) Kahoo, ha u ntse u phethela litlhophiso tsa hao tsa ho ba teng kopanong ena ka matsatsi ’ohle a mararo, u se ke ua lieha ho bua le mohiri oa hao haeba ho hlokahala hore u ikōpe mosebetsing. Haeba u tla hloka marobalo, na u se u a lokiselitse? Hape e ka ba hantle hore u jelle lijo tsa hao tsa motšehare sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Lokisetsa ho fihla ka nako kopanong letsatsi ka leng e le hore u ka fumana setulo le ho kopanela pineng le thapelong e bulang.

3. Re lokela ho lokisetsa ho apara liaparo tse joang?

3 Re batla ho tiisa hore liaparo tseo re tla li apara lia hlompheha ’me li hlophehile hantle. (1 Tim. 2:9, 10) Likopano tsa setereke li fana ka monyetla o motle oa ho paka. Ha re apere ka tsela e hlomphehang ha re le sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona ’me re qhoaetse libeche tsa kopano, re khetholleha ho batho ba sa lumelang ’me re khahla batho ba shebeletseng.

4. Rōna le ba malapa a rōna re tla thusoa ke eng hore re rue molemo o moholo lenaneong?

4 Mamela ka Hloko: Ho hang ha re batle ho lahleheloa ke letho moketeng ona oa lijo tsa moea! (Liprov. 22:17, 18) Ho phetla Libibele tsa rōna ha ho baloa litemana le ho ngola lintlha tse khutšoanyane ho tla etsa hore re tsepamise mohopolo lenaneong ’me likelello tsa rōna li se ke tsa lelera. Joale mantsiboea re ka sheba lintlha tseo re li ngotseng ha re qoqa le ba bang ka lintlha-khōlō tsa lenaneo. Morao tjena ho hlokometsoe hore bacha ba lula hammoho kopanong ’me baa qoqa ha lenaneo le ntse le tsoela pele kapa ba ngollana melaetsa ka liselefouno. Haeba re na le bana, ho akarelletsa le ba baroetsana kapa ba bahlankana, ho ka ba molemo hore re lule le bona ’me re mamele lenaneo re le lelapa ho e-na le ho ba lumella hore ba lule hosele le bacha ba bang.

5. Re ka etsa’ng hore re thabele kopano haholoanyane?

5 Thabela Botsoalle: Lijo tse hlabosang li ba monate haholo ha re li ja re e-na le metsoalle. (Liprov. 15:17) Ka ho tšoanang, ho thabela botsoalle le bara le barali babo rōna ho etsa hore re thabele kopano haholoanyane. Ka lebaka leo, nakong ea ha lenaneo le sa tsoele pele ke ntho e ntle hakaakang ho itsebisa ba bang le ho thabela botsoalle le bona! (Pes. 133:1) Ha molula-setulo a kōpa hore re lule fatše pele ’mino o qala, re lokela ho khaotsa ho qoqa ’me re lule fatše re emele hore lenaneo le qale.

6. Pheta phihlelo eo u bileng le eona e bontšang kamoo re ka pakelang batho sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona.

6 E-ba Malala-a-laotsoe ho Paka: Hangata likopano li re fa menyetla e metle ea ho paka. Batho ba bangata ba eang lireschorenteng ka mor’a lenaneo ba botsoa ke basebetsi le ba bang ka sehlooho se becheng ea kopano. Sena se butse monyetla oa ho qoqa le ho paka. Ba bang ba botsitseng lipotso ba ile ba memeloa kopanong ’me ba fela ba ba teng.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng kopanong e tlang ea setereke?

7 Ho qetiloe lihora tse ngata haholo ho lokisetsoa lenaneo, ho hlophisoa sebaka sa kopano le mafapha a eona, ho lokisetsoa lipuo. Mosebetsi oohle o entsoeng ka lerato ho lokisetsa mokete ona oa moea o bontša hore Jehova o hlokomela batho ba hae ka lerato. E se eka kaofela ha rōna re ka ba teng ’me re je ka hohle kamoo re ka khonang kateng! Ho etsa joalo ho tla re khetholla lefatšeng kaha re tla “hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.”—Esa. 65:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela