Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/08 leq. 4
  • Ha Mong’a Ntlo a Bua Puo e ’Ngoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Mong’a Ntlo a Bua Puo e ’Ngoe
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho se ee ka Tšobotsi Tšebeletsong ea Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Sebetsa Hammoho Tšimong ea Lipuo Tse sa Tšoaneng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 6/08 leq. 4

Ha Mong’a Ntlo a Bua Puo e ’Ngoe

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala ka ho eketsehileng hore ho be le tšebelisano-’moho ha ho sebetsoa tšimo?

1 Ho se ho tloaelehile hore bahoeletsi ba ’Muso lefatšeng lohle ba fumane batho ba thahasellang ba sa bueng puo e sebelisoang phuthehong. E le ho thusa batho ba joalo moeeng, makala a mangata a fumane ho hlokahala hore ho thehoe lihlopha le liphutheho tsa lipuo tse ling. Kaha ho ka ’na ha buuoa lipuo tse ngata sebakeng se le seng, liphutheho tse ’maloa tsa lipuo tse fapaneng li ka ’na tsa sebetsa tšimo e le ’ngoe. Liphutheho li ka sebelisana joang e le ho etsa bonnete ba hore mosebetsi oa boboleli o etsoa ka mokhoa o laolehileng?—1 Bakor. 14:33.

2. Ha re bolela ka ntlo le ntlo, re ka sebelisana ’moho joang le sehlopha kapa phutheho e buang puo e ’ngoe e tšimong ea rōna?

2 Tšebelisano-’moho: Ha mohoeletsi a etsa mosebetsi oa seterateng kapa a paka ka mokhoa o sa reroang, o lokela ho ikutloa a lokolohile ho buisana le mang kapa mang, ho akarelletsa le ba sa bueng puo ea habo, ’me a mo fe lingoliloeng ka puo eo motho eo a e batlang. Leha ho le joalo, ha mohoeletsi a e-ea ka ntlo le ntlo tšimong e sebetsoang le ke sehlopha kapa phutheho e buang puo e ’ngoe, o lokela ho ameha haholo ka batho ba buang puo e sebelisoang phuthehong eo a kopanelang ho eona. Ha liphutheho tse fapaneng li sebetsa tšimo e le ’ngoe, ke habohlokoa hore ho bolokoe tlaleho e ntle. Balebeli ba tšebeletso ba lokela ho buisana ’me ba hlophise lintho ka tsela e tla tsoela bohle molemo. (Liprov. 11:14) Leha ho le joalo, haeba mohoeletsi a fumana motho ea buang puo e ’ngoe nakong ea ha a e-ea ka ntlo le ntlo ’me ho se liphutheho tsa puo eo haufi, o lokela ho leka ho pakela motho eo a be a tsoele pele ho mo thusa.

3. Re lokela ho etsa joang ha re teana le bahoeletsi ba sehlopha kapa phutheho e buang puo e ’ngoe ba sebetsang tšimo eo re ntseng re e sebetsa?

3 Re Etsa Mosebetsi o Tšoanang: Re lokela ho etsa joang haeba bahoeletsi ba tsoang liphuthehong tse sa tšoaneng ba sebetsa tšimo e le ’ngoe ka letsatsi le le leng? Ho hlakile hore lerato la Bokreste le tla totobala ho sa tsotellehe hore re bua lipuo tse sa tšoaneng ’me bohle ba tla ameha ka batho ba leng tšimong eo. (Joh. 13:34, 35) Ka lebaka leo, ba etellang pele ba tla bontša kahlolo e molemo le lerato ha ba etsa qeto ea hore na ebe ho tla hlokahala hore sehlopha se seng se e’o sebetsa tšimo esele.—Jak. 3:17, 18.

4. Ke boprofeta bofe bo phethahalang kajeno?

4 Bibele e ile ea profeta hore batho ba maleme a sa tšoaneng ba tla utloa litaba tse molemo. (Tšen. 14:6, 7) Haeba bohle ba sebelisana ’moho, ho ke ke ha etsahala hore bahoeletsi ba buang lipuo tse sa tšoaneng ba kene matlong a le mang ’me ba bangata ba bacha ba tla bolelloa litaba tse molemo, ho kopanyelletsa le ba buang puo e ’ngoe.—Baef. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela