Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/08 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 6/08 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa June 1

“Na u lumela hore Molimo o amohela malumeli ’ohle? [Emela karabo.] Seo Molimo a ileng a se bua ha Baiseraele ba ne ba kopanela borapeling ba lichaba tse ba potolohileng sea thahasellisa. [Bala Ezekiele 6:6.] Sehlooho sena se arabela potso ena e reng, ‘Na Hoa Tsotelleha Hore na re Rapela Molimo Joang?’” Buella sehlooho se leqepheng la 9.

Tsoha! June

“U tla lumellana le ’na hore lilemo tsa bocha ke lilemo tse thata ho bacha le ho batsoali. Na u bona eka ha batsoali ba latela keletso ee ba tla khona ho ba hōlisa hamolemo? [Bala Jakobo 1:19. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e tla u fa maele a tsoang Bibeleng.”

Molula-Qhooa July 1

“Kaofela ha rōna re utloa bohloko ha baratuoa ba rōna ba e-shoa. Maemong a joalo, na u lumela hore Bibele e ka u thusa? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 55:22.] Makasineng ena ho tšohloa likeletso tse tsoang ka Bibeleng tse thusang motho ho hlaphoheloa boemong bona.”

Tsoha! July

“Mathata a ntse a hloa manolo holimo lenyalong, ’me manyalo a mangata a fella ka tlhalo. Na u nahana hore ho latela keletso ee ho ka etsa hore lenyalo le atlehe? [Bala Liproverbia 12:18. Ebe u emela karabo.] Makasineng ena ho hlalosoa melao-motheo e meng ea Bibele e ka thusang banyalani hore ba matlafatse kamano ea bona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela