Branch Letter
Bahoeletsi ba ’Muso ba Ratehang:
Selemo se fetileng sa tšebeletso e bile se maphathaphathe, empa e le se thabisang. Ka la 10 November, 2007, ho ile ha neheloa mehaho ea lekala e atolositsoeng, ’me ho ne ho tlile bara le barali babo rōna ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng ka har’a naha bao e seng e le lilemo tse fetang 40 ba kolobelitsoe. Ho ne ho boetse ho e-na le barab’abo rōna ba bangata ba tsoang linaheng tse ling. Ruri e bile ketsahalo e thabisang le e matlafatsang tumelo.
Re ile ra thabela ho finyella tlhōrō ea bahoeletsi ba 82 447 ka March le lithuto tsa Bibele tse 101 498 ka April. Tlhōrō e ’ngoe e ncha e bile ea batho ba 205 498 ba bileng teng Sehopotsong.
Ka May, ho ile ha e-ba le litlhaselo tse tšosang Afrika Boroa tse susumetsoang ke lehloeo ha ho ne ho hlaseloa batho ba tsoang linaheng tse ling. Barab’abo rōna ba bangata ba tsoang linaheng tsa boahelani ba ile ba ameha. Le hoja ho se ea ileng a bolaoa, ba bangata ba ile ba senyeheloa ke mahae a bona le thepa e ’ngoe. Ba bang, ho akarelletsa le liithuti tsa Bibele tse ngata, ba ile ba hlaseloa ’me ba sithabela maikutlo. Se neng se khothatsa haholo ke kamoo barab’abo rōna ba libakeng tse haufi moo ho neng ho batla ho sireletsehile ba ileng ba nka khato kateng. Bara bana babo rōna ba ile ba thusa ka bolulo, lijo, liaparo le eng kapa eng e hlokahalang e le hore ba hlasetsoeng ba ka ikutloa ba phutholohile. Ba bang ba ile ba fana ka chelete e ileng ea thusa ba bang hore ba khutlele ha habo bona. Cape Town phutheho e ’ngoe e ile ea fumana lengolo le lebohang thuso ea barab’abo rōna. Le na le mantsoe a reng: “Re ne re se baphaphathehi; re thabetse ho lula ’moho re le lelapa. Tsela eo re ileng ra pholosoa ka eona e re bontša kamoo ka nako e nepahetseng re tla pholosoa kateng ka Armagedone ’me re fuoe sebaka se setle paradeiseng.” Boholo ba rōna re ile ra ba le monyetla oa ho bontša hore re rata barab’abo rōna e le kannete. Ha re biletsoa hore re shoele barab’abo rōna, re tla etsa joalo.—Joh. 13:34, 35.
Barababo lōna,
Ofisi ea Lekala ea Afrika Boroa