Phutuho e Khethehileng ea Pampitšana ka la 20 October–16 November!
1 Ho tloha ka Mantaha oa la 20 October, ho tsoela pele ka libeke tse ’nè, re tla ba le phutuho e khethehileng ea ho aba pampitšana e ncha eo sehlooho sa eona se reng Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Re na le tšepo ea hore phutuho ena ea lefatše lohle e tla etsa hore batho ba eketsehileng ba thahaselle mohloli o le mong feela oa ’nete.—Joh. 17:17.
2 Pampitšana ena e fana ka likarabo tse tobileng tse hlahang ka Bibeleng lipotsong tsena tse tšeletseng tsa bohlokoa: “Na Ruri Molimo oa re tsotella?” “Na lintoa le mahlomola li tla ke li fele?” “Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?” “Na ho na le tšepo leha e le efe ka bafu?” “Nka rapela Molimo joang e le hore a ’mamele?” le “Nka fumana thabo joang bophelong?” Ha ho mohla likereke tsa Bokreste-’mōtoana li kileng tsa araba lipotso tsena ka tsela e khotsofatsang. Le ba bangata ba reng hase Bakreste ba ’nile ba ipotsa lipotso tse joalo, empa e ka ’na eaba ha ba elelloe hore Bibele e araba lipotso tseo ka ho hlakileng. Ka lebaka leo, re lumela hore batho ba bangata ba tla thahasella molaetsa ona.
3 Koahelang Tšimo ea Lōna: Lekang ka matla hore le e abe matlong ’ohle a tšimong ea lōna. Haeba le na le tšimo e khōlō, baholo ba ka ’na ba le khothalletsa hore le siee pampitšana matlong ao le sa fumaneng batho ho ’ona. Hopola ho e abela baahelani ba hao, beng ka uena, batho bao u ba tloaetseng mosebetsing kapa sekolong le ba bang bao u atisang ho bua le bona. Mohlomong u ka lokisa maemo a hao e le hore u be pula-maliboho ea thusang ka October kapa November. Na u na le ngoana kapa thuto ea Bibele e tsoelang pele hantle moeeng le e ka ’nang ea tšoaneleha hore e kopanele le rōna phutuhong ee e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang? Haeba ho joalo tsebisa baholo.
4 Seo U ka se Buang: E le hore u finyelle batho ba eketsehileng ka molaetsa ona, ho molemo hore u be mokhutšoanyane. Botsa mong’a ntlo potso e le ’ngoe ho tse tšeletseng tse leqepheng le ka holimo ebe u mo bontša karabo ka har’a pampitšana. Sena se tla thusa bahoeletsi bohle hore ba khethe taba e lumellanang le tšimo ea bona. Haeba motho a bontša hore oa thahasella, ngola fatše ebe u khutlela ho eena. Bofelong ba beke, ho ka tsamaisoa limakasine hammoho le lipampitšana tsena. Phutuho ena e tla fela ka la 16 November, ’me ka mor’a moo re tla tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Lipampitšana leha e le life tse setseng li tla sebelisoa joaloka tse ling kaofela.
5 Qala Thuto ea Bibele: Pampitšana ena e entsoe ka ho khetheha bakeng sa ho re thusa ho qala lithuto tsa Bibele. Ha u khutlela ho motho ea bontšitseng thahasello, u ka ’na ua mo botsa hore na ke ’nete efe ea Bibele e mo khothalitseng. Mo bontše leqephe le ka morao moo ho buuoang ka tokisetso ea ho ithuta Bibele, ’me u mo fe buka ea Seo Bibele e se Rutang. Haeba ho khoneha, buisanang hakhutšoanyane ka serapa se le seng kapa tse peli sehloohong se tšohlang taba eo a e khethileng.
6 Jehova o batla ba tla mo rapela “ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:23) E se eka kaofela ha rōna re ka kopanela phutuhong ena e khethehileng ea ho thusa ba bang ho tseba ’nete!