Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/08 leq. 1
  • Ho Hlokahala Mamello ha re Etsa Mosebetsi oa Boboleli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokahala Mamello ha re Etsa Mosebetsi oa Boboleli
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula Haufi le Mokhatlo oa Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Mamello—E Bohlokoa Bakeng sa Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Le be le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Le Nahane ka Hloko ka ea Mameletseng”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 12/08 leq. 1

Ho Hlokahala Mamello ha re Etsa Mosebetsi oa Boboleli

1 Moapostola Pauluse o ile a etsa mosebetsi oa boevangeli ka lilemo tse fetang 30, ’me o ile oa mo khotsofatsa. Joalokaha ho e-na le mathata mosebetsing o mong le o mong oa bohlokoa, le eena o ile a ba le mathata. (2 Bakor. 11:23-29) Empa Pauluse ha aa ka a tela. (2 Bakor. 4:1) O ile a utloisisa hore Jehova ke eena ea neng a tla mo fa matla a ho mamella ha a ntse a phetha tšebeletso ea hae. (Bafil. 4:13) Kaha Pauluse o ile a beha mohlala o motle oa ho mamella ka botšepehi, o ne a ka re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.”—1 Bakor. 11:1.

2 Ho Mamella Liteko Kajeno: Letsatsi ka leng, barab’abo rōna ba bangata baa songoa, baa hanyetsoa kapa ha ba natsoe ke ba malapa a bona, basebetsi-’moho kapa bao ba kenang sekolo le bona. (Mat. 10:35; Joh. 15:20) Mohlomong u e mong oa bona. Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore u mameletse ho kula kapa letsatsi le letsatsi u loana le litšitiso le liteko tse u lekang tumelo le tseo u lokelang ho li mamella. Re ka fumana matla ka ho hopola mohlala oa bahlanka ba tšepahalang ba boholo-holo hammoho le oa Bakreste ba bang ba kajeno ba hlōtseng mathata a ileng a ba hlahela.—1 Pet. 5:9.

3 Ho etsa bonnete ba hore re ‘apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,’ ho ka re matlafalletsa hore re tsoele pele ho etsa tšebeletso ea rōna. (Baef. 6:10-13, 15) Ho boetse ho hlokahala hore re rapelle mamello. Molimo o re fa moea oa hae o halalelang e le hore re khone ho mamella liteko. (2 Bakor. 6:4-7) E le hore re atlehe ntoeng ea rōna ea moea, re lokela ho ela hloko likhopotso tsa Molimo tse bolokang kamano ea rōna le eena e le ntle. (Pes. 119:24, 85-88) Hantle feela joalokaha ngoana a ka pheta-pheta lengolo leo a le ngoletsoeng ke ntate ea lerato, ’malo oa rōna oa Bibele oa letsatsi le letsatsi o matlafatsa kamano ea rōna le Jehova. Thuto ea botho ea kamehla e re fa bohlale ba ho sebetsana le liteko, ka eona re lumella mohopolo oa Molimo hore o susumetse liqeto tsa rōna o be o etse hore re lule re tšepahala.—Liprov. 2:10, 11.

4 Mamello e Tsoala Katleho: Joalokaha ho ile ha etsahala ho Pauluse, ha re mamella ka botšepehi tšebeletsong, re thabisa pelo ea Jehova ’me re tlisetsa rōna le ba bang mahlohonolo. (Liprov. 27:11) E se eka re ka ikemisetsa ho mamella tšebeletsong, ka tsela eo re bontše hore tumelo ea rōna ea tšoarella ebile ke “ea bohlokoa bo boholo ho feta khauta e timelang ho sa tsotellehe ho pakoa ha eona ka mollo.”—1 Pet. 1:6, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela