Ho Bolela ho re Boloka re le Matla Moeeng
1. Mosebetsi oa boboleli o re ruisa molemo ofe?
1 Ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli ho ka re matlafatsa moeeng ’me ha eketsa thabo ea rōna. Lebaka le ka sehloohong leo re kopanelang tšebeletsong ka lona ke hore re khahlise Jehova. Leha ho le joalo, ha re phetha taelo ea hore re “bolele lentsoe,” Jehova oa re hlohonolofatsa ’me re rua molemo ka litsela tse ling. (2 Tim. 4:2; Esa. 48:17, 18) Ha e le hantle ke joang boboleli bo ka re matlafatsang le ho re thabisa?
2. Tšebeletso e re matlafatsa ka litsela life?
2 Rea Matlafatsoa Ebile Rea Hlohonolofatsoa: Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o etsa hore re nahane haholo ka mahlohonolo a ’Muso ho feta ka mathata a rōna. (2 Bakor. 4:18) Ho hlalosetsa ba bang lithuto tsa Bibele ho matlafatsa tumelo ea rōna litšepisong tsa Jehova ’me ho re thusa ho ananela ’nete. (Esa. 65:13, 14) Ha re ntse re thusa ba bang hore ba matlafatse kamano ea bona le Jehova e le hore e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše,” re matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho ikarola lefatšeng.—Joh. 17:14, 16; Bar. 12:2.
3. Tšebeletso ea rōna e re thusa joang hore re be le litšobotsi tsa Bokreste?
3 Ho kopanela tšebeletsong ho re thusa ho ba le litšobotsi tsa Bokreste. Ka mohlala, ho leka ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle” ho re thusa hore re ikokobetse haholoanyane. (1 Bakor. 9:19-23) Ha re ntse re bua le batho ba ‘sohlokehileng le ba qhalakaneng joaloka linku tse se nang molisa,’ re ithuta ho ba le kutloelo-bohloko le qenehelo. (Mat. 9:36) Re ithuta ho ba le mamello ha re tiisetsa leha batho ba sa thahaselle kapa ba re hanyetsa. Ha re itella ba bang re thaba haholoanyane.—Lik. 20:35.
4. U ikutloa joang ka tšebeletso ea hao?
4 Ke tlotla e kaakang ho kopanela tšebeletsong e tlotlisang Molimo a le mong feela ea tšoaneloang ke borapeli ba rōna! Tšebeletso ea re matlafatsa. E re tlisetsa mahlohonolo a mangata ha re ikakhela ka setotsoana ‘ho pakeleng ka ho phethahetseng litaba tse molemo.’—Lik. 20:24.