Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/09 leq. 1
  • Na U ka Atolosa Tšebeletso ea Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Atolosa Tšebeletso ea Hao?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Atolosa Letlotlo la Hao la Tšebeletso ea ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 7/09 leq. 1

Na U ka Atolosa Tšebeletso ea Hao?

1. Re lokela ho potlakela ho etsa’ng tšimong, hona hobane’ng?

1 Ha Jesu a bona tsela eo ka eona matšoele a thahasellang litaba tse molemo tsa ’Muso, o ile a laela barutuoa ba hae hore ba “kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Kaha re metsotsong ea ho qetela nakong ea kotulo, mosebetsi oa rōna o lokela ho etsoa ka potlako ho feta leha e le neng pele. E leng hore re lokela ho rapella tataiso ea kamoo re ka eketsang nako eo re e qetang re le tšimong.—Joh. 14:13, 14.

2. Ba bang ba ile ba etsa’ng ha ba utloa hore ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng tšimong?

2 Litsela Tsa ho Etsa Mosebetsi o Eketsehileng Tšimong: Ka tataiso ea Jehova le thuso ea hae, ba bangata ba ile ba khona ho bula maliboho. (Pes. 26:2, 3; Bafil. 4:6) Ba bang ba ile ba leka kahohle-hohle hore e be bo-pula-maliboho ba thusang ka khoeli e le ’ngoe kapa tse fetang moo ka selemo. Molemo oa ho etsa joalo ke ho betla tsela e lebisang tšebeletsong e atolohileng. Thabo eo motho a e fumanang ha e le pula-maliboho ea thusang e ile ea etsa hore ba bangata ba nahane ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla.—Lik. 20:35.

3. Haeba u kile ua ba pula-maliboho, hona joale u ka nahana ka eng?

3 Na U ka Boela Ua ba Pula-maliboho?: Haeba u kile ua ba pula-maliboho, ha ho pelaelo hore u hopola monate oa bona. Na u kile ua rapella hore u boele u be pula-maliboho? E ka ’na eaba lintho tse ileng tsa etsa hore u khaotse ho bula maliboho li suthile. E ka ’na eaba u se u na le monyetla oa ho ba bula maliboho hape.—1 Joh. 5:14, 15.

4. Kaofela re na le monyetla ofe o ikhethang?

4 Boholo ba mosebetsi oa kotulo bo se bo entsoe ’me haufinyane o tla fela. (Joh. 4:35, 36) E se eka kaofela re ka nahanisisa ka boemo boo re leng ho bona e le hore re bone hore na re ka lokisa maemo a rōna joang e le hore re eketse nako eo re e qetang tšimong. Kapa haeba re ke ke ra khona ho atolosa tšebeletso ea rōna, na re ka batla litsela tsa ho atleha haholoanyane? (Mar. 12:41-44) Bohle bao maemo a bona a ba lumellang hore ba sebelisoe ke Jehova tšebeletsong ea bopula-maliboho ba na le monyetla o ikhethang hakaakang!—Pes. 110:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela