Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/09 leq. 1
  • Bolela Litaba Tse Molemo ka ho Phehella!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela Litaba Tse Molemo ka ho Phehella!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula U Hhopola Hore Metsotso e se e Jele Babeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lebela Boikutlo ba Hao ba ho Potlaka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Kamoo re ka Etsang Mosebetsi oa Boboleli ka Potlako
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • “Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 12/09 leq. 1

Bolela Litaba Tse Molemo ka ho Phehella!

1. Ke khothatso efe ea Pauluse eo re lokelang ho e ela hloko mehleng ea rōna?

1 “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella.” (2 Tim. 4:2) Ke hobane’ng ha khothatso ee ea Pauluse e le ea bohlokoa haholo mehleng ea rōna? Mantsoe aa a ka ama bophelo ba rōna le ba batho ba bang joang?

2. Ke hobane’ng ha re ikitlaelletsa ho batla batho ba e-s’o utloe litaba tse molemo?

2 Bophelo Bo Kotsing: Batho ba limilione lefatšeng lohle ha ba e-s’o utloe litaba tse molemo tse ka pholosang bophelo ba bona. (Bar. 10:13-15; 1 Tim. 4:16) Batho ba bangata ba ratang ’nete ba fumanoa tšimong e sebetsoang khafetsa. Haeba re sebetsa tšimo ka letsatsi kapa ka nako eo re sa tloaelang ho e sebetsa ka eona, re ka ’na ra fumana motho e mong. Haeba re ikitlaelletsa ho batla batho ka tsela eo, matsoalo a rōna a ke ke a re tšoenya ’me re ke ke ra ba le molato oa mali.—Lik. 20:26.

3. Re ka sebelisa nako hamolemo joang tšebeletsong ea tšimo?

3 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba ‘tlatsa Jerusalema thuto ea bona’ leha ba hanyetsoa ka matla. (Lik. 5:28) Na le rōna re ikemiselitse ho “fana ka bopaki bo phethahetseng”? (Lik. 10:42) Na re sebelisa nako hamolemo ha re le tšebeletsong ea tšimo? Na re leka ho bua le batho ba fetang ka tsela ha re letetse ba etsang leeto la ho boela?

4. Ho bolela litaba tse molemo ka ho phehella ho tla re thusa joang hore re lule re falimehile?

4 Ho re Thusa ho Lula re Lebetse: Ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela, re lokela ho lula re lebetse ’me re falimehile. (1 Bathes. 5:1-6) Ha re bua ka tšepo ea ’Muso nako le nako, re ke ke ra imeloa ke lintho tse etsahalang tsamaisong ena ea lintho. (Luka 21:34-36) Ho feta moo, ha re ‘lula re hopola’ letsatsi la Jehova, re susumelletseha ho qeta nako e eketsehileng re bolela litaba tse molemo tse pholosang bophelo.—2 Pet. 3:11, 12.

5. Ho hlompha bophelo ho re susumelletsa hore re etse joang ha re le tšebeletsong ea tšimo?

5 Ha re bolela litaba tse molemo ka ho phehella, re bontša hore re talima bophelo ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona, etsoe “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9; Ezek. 33:11) E se eka re ka ikemisetsa ho buisana le batho ba bangata kamoo re ka khonang tšimong ea rōna, e le hore Jehova a rorisoe!—Pes. 109:30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela