‘Litaba Tsena Tse Molemo li Tla Boleloa’!
1. Re tseba joang hore ha ho letho le ka thibelang mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo?
1 Ho hang ha ho letho le ka thibelang Jehova ho phetha thato ea hae. (Esa. 14:24) Le hoja ho ne ho bonahala eka Moahloli Gideone le banna ba hae ba 300 ba ke ke ba o besa oa tuka ha ba loantša lebotho la Bamidiane ba 135 000, Jehova o ile a re ho eena: “Ka sebele u tla pholosa Baiseraele seatleng sa Bamidiane. Na ha ke u rome?” (Baahl. 6:14) Jehova o tšehetsa mosebetsi ofe kajeno? Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Ha ho na motho ea tla thibela mosebetsi ona!
2. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore Jehova a thuse e mong le e mong oa rōna tšebeletsong?
2 Jehova o Thusa e Mong le e Mong oa Rōna: Le hoja re kholisehile hore Jehova o tla atlehisa mokhatlo oa Lipaki tsa hae, na re ka lebella hore a thuse e mong le e mong oa rōna? Nakong eo moapostola Pauluse a neng a hloka thuso, o ile a lemoha hore Jehova o mo tšehelitse ka Mora oa hae, Jesu. (2 Tim. 4:17) Le rōna re ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa mosebetsi oa e mong le e mong oa rōna ha a phetha thato ea hae.—1 Joh. 5:14.
3. Jehova a ka re thusa ha re le maemong afe?
3 Na ho tšoenyeha ka mathata a letsatsi le letsatsi ho etsa hore u ikutloe u se na matla a ho ea tšebeletsong? “O fana ka matla ho ea khathetseng.” (Esa. 40:29-31) Na ua hlorisoa kapa ua hanyetsoa? “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pes. 55:22) Na ka linako tse ling ua ikhalala? “Tsamaea, ’me ke tla ba le molomo oa hao.” (Ex. 4:11, 12) Na u fokolloa ke bophelo hoo u sitoang ho sebetsa tšimo kamoo u neng u ka rata kateng? Jehova o nka mosebetsi oo u o etsang ka moea oohle e le oa bohlokoa ’me a ka o atlehisa ho sa tsotellehe hore na o monyenyane hakae.—1 Bakor. 3:6, 9.
4. Ho tšepa Jehova ho tla re thusa hore re etse’ng?
4 Letsoho la Jehova “le otlolotsoe, ke mang ea ka le khutlisang?” (Esa. 14:27) Kaha re kholisehile hore Jehova o hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna, e se eka re ka tsoela pele ho bolela litaba tse molemo re sa khaotse, re bile re le “sebete ka matla a tsoang ho Jehova.”—Lik. 14:3.