Haeba ka Potlako U Batla Lingoliloeng Tsa Lipuo Tse sa Buuoeng Sebakeng sa Heno
Ka linako tse ling re kopana le batho ba batlang ho bala lingoliloeng tsa rōna ka lipuo tse sa buuoeng sebakeng sa habo rōna tseo phutheho ea habo rōna e se nang tsona setokong. Na ua tseba hore haeba u khona ho kena Inthaneteng ebile u na le printhara, u ka hatisa lingoliloeng tsa lipuo tse ka bang 400? U ka ho etsa ka tsela ena:
• E-ea moo lingoliloeng tsa rōna li fumanehang teng Inthaneteng e leng Websaeteng ena: www.watchtower.org.
• Ka ho le letona ha u qeta ho bula ho na le lethathamo la lipuo. Tobetsa ’mapeng oa lefatše e le hore ho hlahe lethathamo la lipuo tsohle tseo lingoliloeng tsa rōna li hatisitsoeng ka tsona.
• Tobetsa puong eo u e batlang. Ho tla hlaha lethathamo la lingoliloeng tseo u ka khonang ho li hatisa, tse kang lipampitšana, libukana le lihlooho tse itseng. Kaha mona ke lingoliloeng tsa puo eo u e khethileng, u se ke ua tšoenyeha haeba u sa khone ho bala lihlooho.
• Tobetsa holim’a taba efe kapa efe eo u e batlang, ’me e tla hlahella ebe u e hatisa printhareng.
Websaete ea rōna e na le lingoliloeng tse seng kae feela; lingoliloeng boholo li fumaneha ha li odaroa ka phutheho. (Lingoliloeng tse lokiselitsoeng Lipaki ka ho khetheha, tse kang Molula-Qhooa oa lihlooho tse ithutoang, li ka fumanoa Websaeteng ea jw.org ka lipuo tse sa tšoaneng.) Ha u se u kholisehile hore motho eo o rata ho ithuta, ho molemo hore u mo odarele lingoliloeng phuthehong.