Na U ka ea Tšimong ka Sontaha?
1. Re ka ithuta’ng ho seo Pauluse le bo-mphato oa hae ba ileng ba se etsa ha ba le Filipi?
1 E ne e le ka Sabatha, letsatsi leo ka lona Bajuda ba bangata ba lulang motseng oa Filipi ba neng ba phomola. Pauluse le bo-mphato oa hae ba ne ba etetse motseng oo leetong le leng la bona la boromuoa. Ha ho motho ea neng a ka ba nyatsa haeba le bona ba ne ba ka phomola bosebeletsing ba bona letsatsing leo. Leha ho le joalo, ba ne ba tseba hore ho na le Bajuda ba bokaneng, ba ntseng ba rapela ka ntle ho motse, kahoo ba sebelisa monyetla oo hore ba ba bolelle litaba tse molemo. E lokela ebe Pauluse le bo-mphato oa hae ba ile ba thaba hakaakang ha Lydia a ba mamela ’me ba ntlo ea hae kaofela ba kolobetsoa! (Lik. 16:13-15) Kaha batho ba bangata kajeno baa phomola ka Sontaha, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore u qete nako e itseng letsatsing lee u ba bolella litaba tse molemo?
2. Batho ba Jehova ba ile ba tobana le mathata afe e le hore ba bolele litaba tse molemo ka Sontaha ba sa hlorisoe?
2 Ba Loanela ho Paka ka Sontaha: Ka 1927, batho ba Jehova ba ile ba khothalletsoa hore ba qete nako e itseng tšimong ka Sontaha se seng le se seng. Hang hoba ba qale, ba ile ba hanyetsoa. Ba bangata ba ile ba tšoaroa United States hobane ho thoe ba tlōtse melao ea ho Boloka Sabatha ka Sontaha, ba luka khotso ebile ba rekisa thepa ntle ho tumello ea molao. Empa batho ba Jehova ha baa ka ba khaotsa ho bolela. Ka bo-1930, ba ile ba hlophisa matšolo a ho bolela litaba tse molemo, ao ho ’ona bahoeletsi ba tsoang liphuthehong tse mabapi ba neng ba akaretsa tšimo e itseng hammoho. Ka linako tse ling ha bahoeletsi ba tšoaroa, ba boholong ba ne ba ba fumana ba le bangata hoo ba sa khoneng ho ba thibela. Na ruri ha u lebohe hore ebe bara bana babo rōna ba ile ba itela e le hore kajeno re bolele litaba tse molemo ka Sontaha re sa hlorisoe?
3. Ke hobane’ng ha Sontaha e le letsatsi le loketseng la ho ea tšimong?
3 Letsatsi le Loketseng Boboleli: Batho ba bangata ba teng malapeng ’me ha ba sebetse ka Sontaha. Hangata u tla ba fumana ba phomotse. Ba bang ba kenang likereke ba ka ’na ba lakatsa ho bua ka Molimo ka letsatsi lena. Haeba liboka tsa rōna li ka Sontaha, re ea libokeng re apere ka tsela eo re aparang ka eona ha re e-ea tšimong, kahoo ho ka ba molemo hore re itokisetse ho ea tšebeletsong pele ho liboka kapa ka mor’a tsona. Haeba ho hlokahala, lokisetsa lijo tse bobebe hore u tle u thibe lephako.
4. Ke eng e ka re thabisang ha re qeta nako e itseng tšimong ka Sontaha?
4 Haeba re qeta nako e itseng ka Sontaha tšimong, re tla ’ne re fumane nako eo re e hlokang ea ho phomola. Ebile re tla phomola re khotsofetse hobane re phethile tšebeletso e halalelang. (Liprov. 19:23) Mohlomong re ka ba ra thaba ha re fumana motho ea kang Lydia!