Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/12 leq. 1
  • ‘Sesosa sa Hao sa Thabo e Khaphatsehang’ ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Sesosa sa Hao sa Thabo e Khaphatsehang’ ke Eng?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute Papisong ea Litalenta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ke’ng se U Susumelletsang ho Sebeletsa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Setšoantšo sa Litalenta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • E-ba le Thabo e Tlisoang ke ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 7/12 leq. 1

‘Sesosa sa Hao sa Thabo e Khaphatsehang’ ke Eng?

1. Re na le sesosa sefe sa thabo e khaphatsehang bofelong ba khoeli ka ’ngoe?

1 Ha khoeli e fela ’me bohle ba kōptjoa hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo, ‘sesosa sa hao sa thabo e khaphatsehang’ ke eng? (Bagal. 6:4) Ebang re bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tlalehang lihora tse 130 ka khoeli kapa bahoeletsi ba lumeletsoeng ho tlaleha metsotso e 15, bohle re lokela ho thabela tšebeletso ea rōna ea pelo eohle eo re e etsetsang Jehova.—Pes. 100:2.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaetsa tšebeletsong ea Jehova?

2 Kaha Jehova ke ’Musi Morena oa bokahohle, o lokeloa ke hore re mo fe se molemo ka ho fetisisa. (Mal. 1:6) Kahobane rea mo rata, re inehetse ho eena hore re etse thato ea hae. Kahoo, re ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang qetellong ea letsatsi kapa ea khoeli ha re kholisehile hore re fane ka “litholoana tsa pele” kapa re ikitlaelitse kahohle hore re fane ka nako ea rōna, litalenta le matla tšebeletsong ea Jehova. (Liprov. 3:9) Leha ho le joalo, haeba matsoalo a rōna a re tsoa, re lokela ho nahana hore na re ka etsa’ng e le hore re ntlafatse.—Bar. 2:15.

3. Ke hobane’ng ha e se bohlale ho ipapisa le ba bang?

3 “Eseng ka ho Ipapisa le Motho e Mong”: Hase bohlale ho ipapisa le batho ba bang kapa ho ipapisa le nakong eo re neng re le sehlahlo ka eona. Maemo aa fetoha. Bokhoni ba batho boa fapana. Hangata ho ipapisa le ba bang ho fella ka tlhōlisano kapa ho ikutloa u se na thuso. (Bagal. 5:26; 6:4) Jesu o ne a sa bapise batho. Ho e-na le hoo, o ne a babatsa motho ho latela seo a khonang ho se etsa.—Mar. 14:6-9.

4. Re ka ithuta lintho life tsa bohlokoa setšoantšong sa Jesu sa litalenta?

4 Setšoantšong sa Jesu sa litalenta, mosebetsi e mong le e mong o ile a fumana litalenta “ho ea ka bokhoni ba [hae].” (Mat. 25:15) Ha mong’a bona a khutla ’me a kōpa tlaleho ea mosebetsi oa bona, ba neng ba sebelitse ka mahlahahlaha ho latela bokhoni ba bona le maemo a bona, ba ile ba babatsoa eaba ba kena thabong ea mong’a bona. (Mat. 25:21, 23) Ka ho tšoanang, le rōna ha re phathahana mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, re ka kholiseha hore Molimo o tla re amohela ’me re be le sesosa sa thabo e khaphatsehang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela