Ke Bo-mang ba ka Thahasellang Sehlooho See?
1. Ha re bala limakasine tsa rōna tsa Molula-Qhooa le Tsoha! re lokela ho nahana ka eng, hona hobane’ng?
1 Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li ngoloa ho nahannoe ka tšimo ea lefatše lohle. Kahoo lihlooho tsa limakasine tsena li bua ka litaba tse fapa-fapaneng. Ha re bala sehlooho se seng le se seng se hlahang makasineng ea rōna re lokela ho nahana ka hore na ke bo-mang ka ho khetheha ba ka se thahasellang, ebe re etsa bonnete ba hore re ba fa makasine eo.
2. Ke lihlooho life tseo ho buuoang ka tsona limakasineng tsa rōna tse ka khahlang batho ba bang?
2 Na Molula-Qhooa oa morao-rao o bua ka sehlooho se seng sa Bibele seo le kileng la bua ka sona le mosebetsi-’moho le uena? Na ho na le sehlooho se buang ka bophelo ba lelapa se ka thusang mong ka uena? Na u na le motsoalle ea rerang ho etela naheng e ’ngoe eo Tsoha! e buang ka eona? Na e ’ngoe ea limakasine tsa rōna e ka khahla mafapha a itseng a ’muso le likhoebo tse tšimong ea lōna? Ka mohlala, makasine e buang ka liphephetso tseo batho ba hōlileng ba tobanang le tsona e ka khahla batho ba sebetsang mahaeng a booki. Mohlomong mekhatlo ea toantšo ea tlōlo ea molao e ka thahasella makasine e buang ka tlōlo ea molao.
3. Pheta phihlelo e bontšang hore ke habohlokoa hore re fane ka limakasine tse itseng ho batho bao re nahanang hore ba ka li thahasella.
3 Liphello: Banyalani ba bang ba Afrika Boroa ba ile ba letsetsa likolo tse 25 tse tšimong ea bona kamor’a hore ba fumane Tsoha! ea October 2011 e nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Hōlisang Bana ba Nang le Boikarabelo.” Tse 22 li ile tsa amohela Tsoha! ena ’me tsa e abela liithuti tsa tsona. Banyalani ba bang hona naheng eo le bona ba ile ba etsa se tšoanang. Matichere a sekolo se seng a ile a etsa qeto ea ho sebelisa makasine ena lenaneong la ’ona la beke le beke la lithuto. Banyalani bana ba ile ba phetela molebeli oa potoloho phihlelo ena, ’me eena o ile a khothalletsa liphutheho tse potolohong ea hae hore li ee likolong tse tšimong ea habo tsona. Ofisi ea lekala e ile ea fumana liodara tse ngata haholo tsa makasine ena hoo ho ileng ha tlameha hore tokollo ena e hatisoe hape!
4. Ke hobane’ng ha re batla ho aba limakasine kahohle kamoo re ka khonang?
4 Limakasine tsa rōna li hlalosa hore na ke hobane’ng ha maemo a lefatše a le ka tsela eo a leng ka eona ebile li ruta batho ka ’Muso oa Molimo le ka Bibele. Lefatšeng ka bophara ke tsona feela limakasine tse “phatlalatsang poloko.” (Esa. 52:7) Ka lebaka leo, re batla ho li fa batho ba bangata kamoo re ka khonang. Tsela e molemo ea ho etsa sena e ka ba ka ho ipotsa hore na ‘Ke bo-mang ba ka thahasellang sehlooho see?’