Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/13 leq. 1
  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Joele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Joele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 29—Joele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Mamella Liteko ho Matlafalitse Tšepo ea Rōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tlhaselo e Tsoang ka Leboea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ke Mang ea Tla “Bolokeha”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 7/13 leq. 1

Nkang Baprofeta e le Mohlala—Joele

1. Re ka etsisa boikokobetso ba Joele joang ha re bolela molaetsa oa ʼMuso?

1 Moprofeta Joele e ne e le mang? O re senolela feela hore ke “mora oa Pethuele.” (Joele 1:1) Moprofeta enoa ea ikokobelitseng ha aa ka a iphahamisa empa o ile a phahamisa molaetsa oa Jehova. Ka ho tšoanang, le rōna ha re le tšebeletsong, ha re ipatlele thoriso ebile ha re ikhapele tlhokomelo, empa re li lebisa ho Jehova le Lentsoeng la hae Bibele. (1 Bakor. 9:16; 2 Bakor. 3:5) Ho feta moo, rea matlafala ha re ntse re phatlalatsa molaetsa oa ʼMuso. Kajeno, ke likarolo life tsa boprofeta ba Joele tse ka re susumelletsang hore re be le cheseho le tšepo?

2. Ho atamela ha letsatsi la Jehova ho lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

2 “Letsatsi la Jehova le Haufi.” (Joele 1:15): Le hoja mantsoe ana a ile a ngoloa lilemong tse likete tse fetileng, re phela nakong eo a phethahalang ka lekhetlo la ho qetela. Maemo a lefatše a ntseng a mpefala, ho iphapanyetsa ha batho molaetsa le ho songoa ha re le tšimong, ke bopaki bo hlakileng ba hore matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho a fihlile. (2 Tim. 3:1-5; 2 Pet. 3:3, 4) Ha re nahana kamoo bofelo bo atametseng kateng, re na le mabaka ’ohle a ho etelletsa tšebeletso pele bophelong ba rōna.—2 Pet. 3:11, 12.

3. Ke hobane’ng ha tšebeletso e le ea bohlokoa haholo ha matšoenyeho a maholo a ntse a atamela?

3 “Jehova e Tla ba Setšabelo ho Batho ba Hae.” (Joele 3:16): Ho reketla hona hoo ho buuoang ka hona temaneng ena, ho tla sebetsa feela nakong eo Jehova a lihang kahlolo matšoenyehong a maholo. Ho tseba hore Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang nakong eo, hoa re tšelisa. (Tšen. 7:9, 14) Ha re ntse re kopanela mosebetsing oa boboleli re bile re bona kamoo Jehova a re tšehetsang le ho re matlafatsa kateng, tumelo ea rōna ea matlafala ’me re ba le mamello haholoanyane, e leng lintho tse tla re thusa nakong ea matšoenyeho a maholo.

4. Ke hobane’ng ha re ka thaba le ho tobana le bokamoso ka sebete?

4 Le hoja batho ba bang ba nka hore molaetsa oa Joele o oa nyahamisa, bakeng sa batho ba Molimo o fana ka tšepo e khanyang ea poloko. (Joele 2:32) Kahoo, a re ikemisetseng ho tobana le bokamoso ka sebete ’me re phatlalatse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka cheseho ha re ntse re hopola mantsoe a Joele 2:23 a reng: “Thabang ’me le nyakalle ho Jehova Molimo oa lōna.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela