Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/13 maq. 4-6
  • Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Bopaki ba Seterateng bo Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Ho Fumana Batho Bao ho Neng ho le Thata ho ba Fumana
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 7/13 maq. 4-6

Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa

1. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba re behetse mohlala ofe?

1 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa pake ka ntlo le ntlo feela. Ba ne ba boetse ba paka phatlalatsa. (Lik. 20:20) Ka mohlala, ba ne ba e-ea tempeleng moo ba neng ba tseba hore ba ka fumana batho ba bangata teng. (Lik. 5:42) Ha moapostola Pauluse a ne a le Athene, o ne a pakela batho ba neng ba le ’marakeng letsatsi le letsatsi. (Lik. 17:17) Le kajeno, tsela ea rōna e ka sehloohong ea ho paka e ntse e le tšebeletso ea ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, re ntse re e-ea moo ho pakoang likoloi, libakeng tsa khoebo, lirapeng tsa boikhathollo, literateng tse phetheselang le libakeng tse ling, moo re ka fumanang batho e le hore re ka ba pakela. Le hoja mohoeletsi e mong le e mong a khothalletsoa ho paka phatlalatsa, ba bangata ba tla ba le monyetla oa ho kenya letsoho litseleng tse peli tse ncha tsa ho paka phatlalatsa.

2. Ke mokhoa ofe o mocha oa ho paka o ileng oa qaloa ka November 2011?

2 Ho Paka Phatlalatsa ka Tsela e Khethehileng Litoropong Tse Khōlō: Joalokaha ho tlalehiloe Bukeng ea Selemo ea 2013 maqepheng a 16 le 17, ka November 2011 ho ile ha qaloa mokhoa o mocha oa ho paka New York City. Ho ile ha behoa litafole le litoroli tse nang le lingoliloeng tse khahlang ka lipuo tse ’maloa libakeng tse phetheselang tsa toropo. Letsatsi le letsatsi ho ne ho feta batho ba bangata ho akarelletsa le batho ba lulang lifoleteng tseo ho sa keneheng habonolo ho tsona le batho ba lulang ba le sieo malapeng a bona. Batho ba bangata ba ne ba thahasella lingoliloeng tsa rōna. Morao tjena ka khoeli e le ’ngoe feela ho ile ha tsamaisoa limakasine tse 3 797 le libuka tse 7 986. Batho ba bangata ba neng ba feta ka tsela ba ile ba kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Kaha morero o ka sehloohong e ne e le ho qalisa lithuto tsa Bibele, liaterese tsa batho ba neng ba thahasella li ne li romelloa liphuthehong tse haufi le moo ba lulang e le hore ho ntšetsoe thahasello eo pele.

3. Mokhoa oo oa ho paka o ntse o atolosoa joang?

3 Mokhoa ona o atlehile hoo o atolosetsoang lefatšeng ka bophara litoropong tse khōlō tse nang le batho ba bangata. Ofisi ea lekala ea sebaka ka seng ke eona e khethang hore na tokisetso ena e tla sebetsa litoropong lifeng. Hangata e khetha litoropo tse nang le libaka tse khōlō tseo ho emeloang lipalangoang ho tsona kapa tse nang le mehaho e meholo ea liofisi le libaka tsa bolulo tse phetheselang. Kamor’a moo, ofisi ea lekala e tla buisana le liphutheho tse tla paka ka mokhoa ona e be e li fe tataiso e eketsehileng. Ka tloaelo ho sebelisoa bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng leha ho le joalo libakeng tse ling ho ntse ho sebelisoa bo-pula-maliboho ba thusang.

4. Ho paka ka tsela e khethehileng litoropong tse khōlō ho etsoa joang?

4 Kamoo ho ka Pakoang Kateng: Ka tloaelo batho ba pakang ka tsela ena e khethehileng litoropong tse khōlō ba emela hore motho a itlise litafoleng kapa litoroling tsa bona. Ha a atamela ba mo kōpa hore a inkele sengoliloeng leha e le sefe seo a se ratang. Bo-pula-maliboho bana ba thabela ho araba lipotso tseo a li botsang ba sebelisa Mangolo. Haeba a nka khatiso e itseng ha ba mo kōpe hore a fane ka monehelo. Empa haeba a ka botsa hore na mosebetsi oa rōna o tšehetsoa joang, ba ka mo hlalosetsa hore haeba a batla a ka romella monehelo atereseng e hlahang khatisong eo a e nkileng. Haeba ho khoneha ba ka ’motsa: “Na u ka rata hore ho be le motho ea u etelang lapeng?” kapa “Na ua tseba hore bukeng eo ho na le moo u ka kōpang thuto ea Bibele e sa lefelloeng?”

5. Ho paka ka tsela ee e ncha ho tliselitse banyalani ba bang liphello life tse thabisang?

5 Ho paka ka tsela ena ho tlisitse liphello tse thabisang. Banyalani ba bang ba ile ba ngola ba re: “Ho ema ka thōko ho tafole re shebile batho ba likete ba fetang letsatsi le letsatsi ho entse hore re ananele mosebetsi o moholo o ntseng o etsoa oa ho finyella batho ka molaetsa oa ’Muso lefatšeng ka bophara. Ho bona matšoele ana le ho nahana kamoo Jehova a a tsotellang kateng ho matlafalitse boikemisetso ba rōna ba hore re tsoele pele re beha mosebetsi oa boboleli pele bophelong ba rōna. Likelellong tsa rōna re bona eka Jehova o hlahloba lipelo tsa batho ba fetang litafoleng tsena hore a fumane ba tšoanelehang. Re ikutloa re le haufi haholo le mangeloi a sebetsang hammoho le rōna.”

6. (a) Ke tsela efe e ’ngoe ea ho paka phatlalatsa e hlophisoang liphuthehong tse ngata, hona e fapana joang le ho paka phatlalatsa ka tsela e khethehileng litoropong tse khōlō? (b) Liphutheho li ka sebelisana hammoho joang ha li kopanela bopaking ba phatlalatsa?

6 Bopaki ba Phatlalatsa bo Hlophisoang Phuthehong: Ho phaella bopaking bo khethehileng bo etsoang litoropong tse khōlō, ho boetse ho na le tsela e ncha ea ho paka e hlophisoang ke lihlopha tse ngata tsa baholo liphuthehong tsa bona. Bahoeletsi ba pakang ka tsela ena ba sebelisa tafole kapa toroli e nang le lingoliloeng sebakeng se phetheselang se tšimong ea phutheho ea bona. Tsela ena e fapana le ea ho paka phatlalatsa ka tsela e khethehileng litoropong tse khōlō, e sebelisoang ke bahoeletsi ba liphutheho tse ngata ho paka sebakeng se le seng se phetheselang se khethiloeng ke ofisi ea lekala.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Ho Hlokahala Tšebelisano-’moho.”

7. Moo maemo a lumelang, baholo ba tla hlophisa mosebetsi oa ho paka phatlalatsa joang?

7 Baholo ba tla hlahloba hore na tšimo ea phutheho e na le libaka tse phetheselang le hore na bopaki ba phatlalatsa bo tla atleha kapa che. Libaka tse ka sebelisoang ha ho pakoa ka litafole le litoroli e ka ba moo ho emeloang lipalangoang, libakeng tsa sechaba le tsa boikhathollo, literateng tse phetheselang, limoleng, lik’holejeng, boema-fofaneng le libakeng tseo ho tšoareloang mekete ho tsona. Ho molemo ho beha litafole sebakeng se le seng ka matsatsi a tšoanang le ka nako e tšoanang. Ho bonahetse hore ho beha litafole limoleng ho molemo ho feta ho li beha pel’a lebenkele le le leng le leholo moo batho ba nahanneng feela ka mabaka a bona a ho ea lebenkeleng leo. Libakeng tse ling tse kang literateng tse phetheselang, ho ka ba molemo ho sebelisa litoroli tse nyenyane tsa lingoliloeng. Baholo ba ka kopitsa lifaele tse khethehileng Websaeteng ea rōna bakeng sa ho etsa li-poster tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le tsa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Lifaele tsena li entsoe ka ho khetheha bakeng sa mokhoa ona oa ho paka phatlalatsa. Ba kopanelang bopaking bona, ba tla etsa mosebetsi ka tsela e tšoanang le ea ho paka phatlalatsa ka tsela e khethehileng litoropong tse khōlō ’me ba lokela ho latela tataiso ea molebeli oa tšebeletso ka hloko. Haeba ba fumana aterese ea motho ea thahasellang ea sa luleng tšimong ea bona, ba lokela ho tlatsa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ka potlako ’me ba e fe mongoli.

8. Haeba ha ho na litlhophiso tsa ho paka phatlalatsa tse entsoeng phuthehong ea lōna, ke menyetla efe ea ho paka phatlalatsa e ka ’nang ea e-ba teng?

8 Ho Paka Phatlalatsa Tšimong e se Nang Sephethephethe: Ho ka etsahala hore liphutheho tse ling li se ke tsa e-ba le libaka tse phetheselang tšimong ea tsona tse ka etsang hore ho sebelisoe litafole kapa litoroli tsa lingoliloeng. Leha ho le joalo, le liphuthehong tsena bahoeletsi ba khothalletsoa hore ba nahane ka ho kopanyelletsa bopaki ba phatlalatsa tšebeletsong ea bona. Na ho na le sebaka sa mabenkele kapa lebenkele le phetheselang tšimong ea heno? Na ho na le serapa sa boikhathollo kapa sebaka seo batho ba bokanang ho sona? Na ho na le liketsahalo tsa sechaba tse tšoaroang nako le nako tšimong ea lōna? Haeba ho joalo, le ntse le ka thabela ho paka phatlalatsa.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re pakele batho hohle moo ba fumanehang teng?

9 Ke thato ea Jehova hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Kahoo, re leka ka hohle ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka molaetsa oa ’Muso pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Libakeng tse ngata ho thata ho fumana batho malapeng. Empa, leha ba se malapeng, re ka khona ho bua le bona bopaking ba phatlalatsa. Bopaki ba phatlalatsa e ka ’na ea e-ba tsela e le ’ngoe feela eo ka eona batho ba bang ba tla fumana monyetla oa ho utloa litaba tse molemo. Ka hona, e se eka re ka phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo ka ho pakela batho hohle moo ba fumanehang teng.—2 Tim. 4:5.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Ho Hlokahala Tšebelisano-’moho

Ho tlalehoa hore ka linako tse ling bahoeletsi ba tsoang liphuthehong tse haufi ba kopanela bopaking ba phatlalatsa seterateng se le seng, sebakeng se le seng seo ho pakoang likoloi ho sona, ka pel’a likhoebo li le ling kapa moo ho emeloang lipalangoang teng. Bahoeletsi ba tsoang liphuthehong tse fapaneng ba ’nile ba siea limakasine sebakeng se le seng sa kamohelo ea baeti le seo ho hlatsoetsoang liaparo ho sona ’me ba paketse batho sebakeng se le seng sa khoebo. Ka linako tse ling sena se khopisa beng ba likhoebo le baahi ba libaka tsena, esita le ha eba bahoeletsi ba sa pake ka nako e tšoanang. Kahoo, ho molemo ho sebetsa feela tšimo eo phutheho ea lōna e e abetsoeng ha le paka phatlalatsa.

Haeba bahoeletsi ba lakatsa ho paka phatlalatsa tšimong ea phutheho e haufi, ba lokela ho bua le molebeli oa tšebeletso. Eena o tla bua le molebeli oa tšebeletso oa phutheho eo e le hore a fumane tumello pele bahoeletsi ba phutheho ea habo ba ka sebetsa moo. Moo liphutheho tsa lipuo tse fapaneng li abetsoeng ho bolela sebakeng se le seng, balebeli ba tšebeletso ba lokela ho buisana ka ho hlaka e le hore ho qojoe ho khopisa batho ho sa hlokahale. Ha ho e-na le tšebelisano-’moho, lintho tsohle li ka ‘etsahala ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’—1 Bakor. 14:40.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela