Lebokose la Lipotso
◼ Na morali’abo rōna o lokela ho roala haeba a khannela thuto ea Bibele monyako a e-na le mor’abo rōna?
Ha morali’abo rōna a khanna thuto ea Bibele ea kamehla moo mor’abo rōna a leng teng, o lokela ho roala. (1 Bakor. 11:3-10) Molula-Qhooa oa July 15, 2002, leqepheng la 27, o re: “Sena ke seboka se lokiselitsoeng esale pele sa ho ruta seo ea khannang thuto ho sona e hlileng e leng molula-setulo. Maemong ana, thuto e fetoha karolo ea phutheho. Ha motho e motšehali eo e leng Paki e kolobelitsoeng a khanna thuto e joalo ’me motho e motona eo e leng Paki e kolobelitsoeng a le teng, ho loketse hore a roale.” O lokela ho roala ho sa tsotellehe hore na thuto e khanneloa lapeng, monyako kapa leha e le kae.
Ka lehlakoreng le leng, haeba thuto ea Bibele e khanneloang monyako e e-s’o qaloe, ha ho hlokahale hore morali’abo rōna a roale ha mor’abo rōna a le teng, le haeba morero oa ho etsa leeto la ho boela e le ho bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang kapa e le ho tšohla boitsebiso bo ka har’a sengoliloeng se ithutoang. Kaha lithuto tse khanneloang monyako li tsitsa ka mor’a nako, ha ho se ho entsoe maeto a ho boela a mangata, bahoeletsi ba lokela ho hlahloba maemo hantle ’me ba sebelise kahlolo e molemo ho lekanyetsa hore na ke neng ba lokelang ho roala.