Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/13 leq. 1
  • Kamoo U ka Lokisetsang Likenyelletso Tse Atlehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Lokisetsang Likenyelletso Tse Atlehang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Kenyelletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 12/13 leq. 1

Kamoo U ka Lokisetsang Likenyelletso Tse Atlehang

1. Likenyelletso tse lokiselitsoeng hantle li bohlokoa hakae?

1 Feela joalokaha monko oa lijo tse nkhang hamonate o etsa hore re li khalle, kenyelletso e monate le eona e etsa hore beng ba matlo ba thahaselle ho buisana le rōna ka Mangolo. Likenyelletso tse atlehang li fapana ka bolelele le ka hore na ho buuoa ka eng, empa joaloka lijo tse monate, li hloka ho nahanoa le ho lokisetsoa esale pele. (Liprov. 15:28) Ke eng e etsang hore kenyelletso e be e atlehang?

2. Re ka lokisetsa kenyelletso e thahasellisang joang?

2 Khetha Lihlooho Tseo Batho ba li Thahasellang: Kenyelletso ea rōna e lokela ho tsosa thahasello, ho seng joalo mong’a ntlo a ka khaotsa moqoqo. Kahoo ha u lokisetsa, nahana ka lintho tseo batho ba tšimong ea lōna ba amehileng ka tsona. Na ba amehile ka ho fumana puso e molemo, malapa a thabileng le hore ntoa e fele? Hangata batho ba rata ho ntša maikutlo a bona, kahoo lokisetsa potso e fatang maikutlo. Na u ka sebelisa e ’ngoe ea litlhahiso tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ua etsa hore e lumellane le maemo a tšimo ea lōna? Mohlomong le ka ikoetlisetsa ho sebelisa likenyelletso tse ling nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea.

3. Re ka etsa joang hore kenyelletso ea rōna e lumellane le maemo le setso sa batho ba tšimong ea rōna?

3 Nahana ka Setso le Maemo a Batho: Libakeng tse ling, ho lebeletsoe hore re tobe taba hang-hang. Athe ho tse ling, ho nkoa hore moeti o mekhoa e mebe haeba a sa qale ka ho lumelisa le ho itlhalosa. Libakeng tseo batho ba sekametseng bolumeling ho ba bonolo hore re bue ka Bibele li sa tloha feela. (Lik. 2:14-17) Leha ho le joalo, moo batho eseng Bakreste, kapa eseng litho tsa bolumeli leha e le bofe, ho molemo ho bua ka Bibele leetong la ho boela, ho e-na le ho bua ka eona lekhetlong la pele.—Lik. 17:22-31.

4. Mantsoe a qalang a kenyelletso ke a bohlokoa hakae?

4 Mantsoe a Qalang: Lokisetsa mantsoe a qalang ka hloko. Hangata, ho molemo ho sebelisa lipolelo tse bonolo le tse khutšoanyane. Tsela eo re buang mantsoe a qalang le eona ke ea bohlokoa. Cheseha. Pososelo ea hao e ka bontša mong’a ntlo hore u ua mo tsotella. Ho sebelisa litlhahiso tsena ho tla re thusa hore re lokisetse likenyelletso tse thahasellisang le tse tla susumetsa batho ba tšimong ea rōna hore ba je “tafoleng ea Jehova.”—1 Bakor. 10:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela