Memo e Khethehileng
1. Phutuho ea ho tsamaisa limemo tsa likopano tsa setereke tsa 2014 e tla qala neng?
1 Haeba u batla ho memela metsoalle kapa beng ka uena lijong tse khethehileng, tse tla u hloka nako le chelete e ngata, ho hlakile hore u ne u tla ba mema ka cheseho. Ka tsela e tšoanang barab’abo rōna ba sebelitse ka thata ho lokisetsa lijo tsa moea tseo re tla li feptjoa likopanong tsa setereke le tsa machaba tsa 2014. Libeke tse tharo pele kopano e qala re tla ba le tokelo ea hore re memele batho kopanong. Re tla thusoa ke’ng hore re chesehe ha re memela batho kopanong?
2. Re tla susumetsoa ke’ng hore re kopanele ka botlalo phutuhong?
2 Re tla kopanela ka botlalo phutuhong ena haeba re nahanisisa kamoo mokete oa lijo tsa moea oo Jehova a re lokiselitseng oona o re tsoelang molemo kateng. (Esa. 65:13, 14) Re lokela ho hopola hore ha re sebeletse lefeela phutuhong ena. Batho ba bang bao re ba memang ba tla tla kopanong. Ho sa tsotellehe hore na ho tla ba bakae, ho kopanela ha rōna ka cheseho le ka mafolofolo phutuhong ho tla tlisetsa Jehova thoriso ’me ho bontše hore ke Molimo ea seatla se bulehileng.—Pes. 145:3, 7; Tšen. 22:17.
3. Limemo li tla ajoa joang?
3 Sehlopha se seng le se seng sa baholo se tla etsa qeto ea hore na phutheho e ka koahela tšimo joang ka limemo, le hore na li ka siuoa menyako moo ho se nang batho kapa tsa ajoa bopaking ba phatlalatsa. Mafelo-beke limakasine li ka tsamaisoa le sememo moo ho loketseng. Haeba Moqebelo oa pele oa khoeli o oela matsatsing a phutuho, ntho e ka sehloohong e lokela ho ba ho aba limemo eseng ho qala lithuto tsa Bibele. Ha phutuho ena e fela, re tla thaba haholo hore ebe re ile ra kopanela ho eona ka cheseho le hore re ile ra mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be teng moketeng oa lijo oo Jehova a neng a re lokiselitse oona!